Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 12:5 - BIBELE

5 Bagileade ba hapa madiboho a Jorodane ho thibela ba morabe wa Efraime, mme e ne e ye ere ha e mong wa ba morabe wa Efraime, ba phonyohileng, a re: “Ntumelleng ke tshele,” ebe banna ba Gileade ba re ho yena: “Na o wa morabe wa Efraime?” Ha a re: “Tjhe,”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Bagileade ba raka Baefraime, ba tshwara madiboho a Jordane: mme enere ha e mong wa Baefraime ba balehang a re: Ntloheleng ke tshele, banna ba Gileade ba ne ba re: Na o Moefraime na? Eo o ne a re: Tjhe!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 12:5
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jeroboame, mora wa Nebate, Moefraime wa Sereda, mohlanka wa Solomone, le yena a fetohela kgosi Solomone. Lebitso la mmae e ne e le Serua, mosadi wa mohlolohadi.


Baphaladisi bao ba nka tsela e yang madibohong a Jorodane, mme hanghang hoba baphaladisi bao ba tswe, monyako wa kwalwa.


Bana ba bang ba Iseraele ba utlwa ho thwe: “Helang! bana ba Rubene, le bana ba Gade, le ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba hahile aletare Gelelote, seterekeng sa Jorodane, lehlakoreng le ka ho bana ba Iseraele.”


Jafeta a kgobokanya banna bohle ba Gileade, a lwantsha ba morabe wa Efraime. Banna ba Gileade ba hlola ba morabe wa Efraime, hobane bano ba ne ba re: “Lona, Bagileade, le babalehi ba tswang morabeng wa Efraime, le morabeng wa Manase.”


ebe ba re ho yena: “Ere Shibolethe;” ebe o re “Sibolethe,” hobane a ne a sitwa ho le bitsa hantle. Jwale ebe ba a mo tshwara, mme ba mmolaele ledibohong la Jorodane. Ka yona nako eo ha bolawa ba morabe wa Efraime ba dikete tse mashome a mane a metso e mmedi.


Ho ne ho ena le mohlankana wa Molevi, wa lelapa la Juda, ya tswang Betlelehema e Juda, mme a jakile moo.


Yaba o re ho bona: “Ntateleng, hobane Morena o neelane ka dira tsa lona, e leng Bamoabe, matsohong a lona.” Ba theoha ba mo latetse, ba hapa madiboho a Jorodane ao Bamoabe ba tshelang ho wona, mme ba se ke ba dumella le ya mong ho tshela.


Yaba Gideone o romela maqosa naheng yohle ya Efraime e maralla, o re: “Theohang, le futuhele Bamidiane. Le ba thibele madiboho a Jorodane, ho ya fihla Bete-Bara.” Banna bohle ba morabe wa Efraime ba phutheha, mme ba thiba madiboho a Jorodane, ho ya fihla Bete-Bara.


Ho ne ho ena le monna e mong wa Ramataime-Sofime, wa naha e maralla ya Efraime. Lebitso la hae e ne e le Elekana, mora wa Jerohame, Jerohame mora wa Elehu, Elehu mora wa Tohu, Tohu mora wa Sufe, wa morabe wa Efraime.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ