Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 12:3 - BIBELE

3 E ile yare ha ke bona hore ha le mphallele, yaba ke a itela, ke tshelela ho Baamone, mme Morena a neelana ka bona matsohong a ka. Jwale ke hobaneng ha le mphutuhela kajeno?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Eitse ha ke bona hobane le sa nnamolele, ha ke a ka ka re letho ka ho phela ha ka, ka mpa ka fetela pele ho bana ba Ammone, mme Jehova a ba neela matsohong a ka. Le tletseng kajeno, ha le tlile ho ntwantsha?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 12:3
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bonang mona! Modimo o na le rona; ke yena molaodi wa rona. Baprista ba hae ba tla re hlabela mokgosi ka diterompeta, hore re futuhe. Oho, bana ba Iseraele, se lwantsheng Morena Modimo wa bo-ntata lona, hobane ha le ka ke la atleha.”


Ke kena kotsing ke ntse ke tadimile, bophelo ba ka ke bapala diketo ka bona!


Bophelo ba ka bo kotsing kamehla, empa ha ke lebale Molao wa hao.


ba ileng ba ipea kotsing ya lefu ka baka la ka. Ke a ba leboha, e seng nna feela, empa le tsona dikereke tsohle tsa baditjhaba.


Bona ba mo hlotse ka madi a Konyana, le ka lentswe leo ba le pakileng, mme ba ba ba eshwa ba sa qenehele bophelo ba bona.


Ka baka leo, ha ke a o sitelwa ka letho, mme o etsa hampe ka ho ntwantsha. Eka ka letsatsi lena Morena a ka ahlola pakeng tsa bana ba Iseraele le Baamone.”


Jafeta a re ho bona: “Nna le setjhaba sa ka, re ile ra ba le qabang e kgolo le Baamone. Ke ile ka le mema, empa ha le a ka la nnamolela matsohong a bona.


Jafeta a kgobokanya banna bohle ba Gileade, a lwantsha ba morabe wa Efraime. Banna ba Gileade ba hlola ba morabe wa Efraime, hobane bano ba ne ba re: “Lona, Bagileade, le babalehi ba tswang morabeng wa Efraime, le morabeng wa Manase.”


Ntate o le lwanetse, a bea bophelo ba hae kotsing, a le namolela motsohong a Bamidiane.


O ile a ipea kotsing, a bolaya Mofilesita, mme ka yena Morena a namolela Baiseraele bohle ka mokgwa o hlollang. Le wena o bone, wa ba wa thaba. Jwale ke ka baka lang ha o rata ho sitelwa madi a se nang molato ka ho bolaya Davida ntle ho lebaka?”


Mosadi eo a atamela ho Saule, a bona hore Saule o tshohile haholo, mme a re ho yena: “Lekgabunyane la hao le ile la mamela lentswe la hao, yaba le ipea kotsing ka ho phetha seo o ileng wa le laela sona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ