13 Kamora Elone, Abadone, mora wa Hilele, wa Mopiratone, ya eba yena moahlodi wa Baiseraele.
13 Kamora hae, Abdone, mora Hillele, wa Pirathone, a ahlolela Iseraele.
le Benaya wa Piratone, le Hidai wa Nahale-Gaashe,
Yaba Elone wa morabe wa Sebulone o a shwa, mme a epelwa Aiyalone e naheng ya Sebulone.
O ne a ena le bara ba mashome a mane, le ditloholo tse mashome a mararo, mme ba ne ba palama dipetsana tsa ditonki tse mashome a supileng. Abadone ya eba moahlodi wa Baiseraele ka dilemo tse robedi.
Yaba Abadone, mora wa Hilele wa Mopiratone, o a shwa. A epelwa Piratone e naheng e maralla ya Efraime, naheng ya Baamaleke.