Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 12:1 - BIBELE

1 Banna ba Efraime ba kopana hammoho, ba tshelela Safone, ba re ho Jafeta: “Ke hobaneng o ileng wa futuhela Baamone, mme wa se ke wa re mema ho ya le wena? Re tla o tjheseletsa ka tlung ya hao.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba banna ba Efraime ba phutheha, ba fetela nqa leboya, ba tla, ba re ho Jafeta: Mohla o neng o futuhela bana ba Ammone, ha o a ka wa re bitsa keng, hore re ye le wena? Jwale, re tla o tjheselletsa tlung ya hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 12:1
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba mpuseletsa lerato la ka, ba mpuseletsa lona ka ho nqosa, leha ke ntse ke ba rapella.


Ka hlokomela hore boikitlaetso bohle le katleho yohle, di tswalwa ke ho honohelana ha batho. Hona le hona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisa moya feela.


Ha Efraime a bua, tjhaba di ne di thothomela, hoba o ne a le moholo naheng ya Iseraele; empa a kgumamela Baale, kahoo a etsa sebe, ka baka la sebe seo yaba o a shwa.


Haeba mmuso o ikarola ho itwantsha, mmuso oo o ke ke wa tiya.


Jesu a re ho bona: “Ke le bontshitse mesebetsi e mengata, e molemo, e tswang ho Ntate; le ntlepeletsa mosebetsi ofe wa yona?”


Moo lefufa le dikgang di leng teng, ho na le meferefere le mesebetsi e kgopo.


wa hore ka selemo se seng le se seng barwetsana ba Baiseraele ba yo llela moradi wa Jafeta wa Mogileade ka matsatsi a mane.


Jafeta a re ho bona: “Nna le setjhaba sa ka, re ile ra ba le qabang e kgolo le Baamone. Ke ile ka le mema, empa ha le a ka la nnamolela matsohong a bona.


Ka letsatsi la bosupa ba re ho mosadi wa Samosone: “Qeka monna wa hao hore a re hlalosetse selotho sena, esere ra o tjheseletsa ka tlung ya ntatao. Na le re memetse ho tla re futsanehisa? Ha ho jwalo?”


Yaba Bafilesita ba re: “Ke mang ya entseng hoo?” Batho ba re: “Ke Samosone, mokgwenyana wa monna ya ahileng Timina, hobane monna eo o nkile mosadi wa Samosone a mo nea molekane wa Samosone.” Bafilesita ba nyoloha, ba tjhesa mosadi eo le ntatae.


Banna ba morabe wa Efraime ba re ho Gideone: “Ke eng ee, eo o re entseng yona, ha o sa ka wa re mema ha o futuhela Bamidiane?” Yaba ba mo nyatsa haholo ka taba ena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ