Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 11:7 - BIBELE

7 Jafeta a re ho baholo ba Gileade: “Ha ke re le ne le ntlhoile, mme la nteleka tlung ya ntate? Jwale le tlelang ho nna ha le le tsietsing?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Jafeta a re ho baholo ba Gileade: Na hase lona le ntlhoileng na, le bile le ntelekile tlung ya ntate? Le tletseng ho nna jwale, ha le le tsietsing?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 11:7
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Isaka a re ho bona: “Ke ka baka lang le tlileng ho nna, ha le ntlhoile tjee, le bile le ntelekile ha lona?”


Tloong, re mo rekiseng ho Baishemaele, mme re se ke ra mo isa matsoho, hobane ke ngwanabo rona, ke nama ya rona.” Bana babo ba dumela.


Motswalle o na le lerato kamehla, ngwanabo motho o tswaletswe ho thusa, ho thusa mohla tsatsi la ditsietsi.


Bara ba bahatelli ba hao ba tla o obamela, bohle ba neng ba o nyedisa ba koqame maotong a hao, ebe ba o bitsa Motse wa Morena, Sione ya Ya Halalelang wa Iseraele.


“Bona, ke tla o neela ba bang bao e leng ba phutheho ya Satane, ba reng ke Bajuda, empa e se bona, ba le leshano. Ke tla etsa hore ba tlo kgumama maotong a hao, mme ba tla tseba hore ke o ratile.


Ba re ho yena: “Tloo, o tlo ba molaodi wa rona, e le hore re tle re lwantshe Baamone.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ