Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 11:36 - BIBELE

36 Moradi wa hae a re ho yena: “Ntate, o etseditse Morena kano; etsa seo o ileng wa re o tla se etsa ka nna, hobane Morena o o pheteleditse ho dira tsa hao, e leng Baamone.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Moradi wa hae a re ho yena: Ntate, ekare ha o ahlamisitse molomo wa hao pela Jehova, o nketse kamoo o boletseng kateng, haele moo o pheteleditswe ke Jehova ho dira tsa hao, bana ba Ammone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 11:36
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ahimase, mora wa Sadoke, a re ho Joabe: “Ere ke mathe, ke yo behela kgosi ditaba tse monate tsa hore Morena o e pheteditse ho dira tsa yona.”


Jwale monna wa Mokushe a fihla a re: “Ke o tsebisa ditaba tse monate, monga ka, kgosi ya ka! Ka letsatsi lena Morena o o pheteditse ho bohle ba ileng ba o tsohela matla!”


Mefiboshete a re ho kgosi: “Siba a hle a e nke yohle, hobane monga ka, kgosi ya ka, o kgutletse hae ka kgotso.”


Ha motho a ikana kapele ho Morena, kapa a etsa tshepiso eo a e hlapanyetsang, a se ke a kwenehela seo a se buileng, a mpe a phethe tshepiso eo ya hae.


Empa ha ke re letho ka bophelo ba ka, ha feela nka phetha mosebetsi wa ka, le tshebeletso eo ke neng ke e amohele ho Morena Jesu, ya ho paka tsa molaetsa o molemo wa mohau wa Modimo.


Empa Paulosi a araba, a re: “Le etsang ha le lla tjee, le utlwisa pelo ya ka bohloko? Nna ha ke a itokisetsa ho tlangwa feela, empa le hona ho shwela Jerusalema ka baka la lebitso la Morena Jesu.”


ba ileng ba ipea kotsing ya lefu ka baka la ka. Ke a ba leboha, e seng nna feela, empa le tsona dikereke tsohle tsa baditjhaba.


hobane ka baka la mosebetsi wa Kreste o ile a batla a eshwa, feela a sa re letho ka bophelo ba hae, a mpa a iteletse ho ntshebeletsa moo lona le sitilweng ho ntshebeletsa teng.


Ba hapa ya Sithone, kgosi ya Baamore, e neng a ahile Heshebone, e busa ho tloha Arowere e pela lebopo la noka ya Arenone, bohareng ba kgohlo; e busa le karolo e nngwe ya Gileade, ho ya fihla Jaboko, e leng moedi wa Baamone.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ