Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 11:34 - BIBELE

34 Ha Jafeta a kgutlela ha hae, moradi wa hae a tswa ho ya mo kgahlanyetsa, a letsa meropa, a etsa motjeko. E ne e le yena feela ngwana wa hae; ntle ho yena o ne a se na mora kapa moradi e mong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Yaba Jafeta o kgutlela Mitspe, tlung ya hae; mme bonang, moradi wa hae a tla mo kgahlanyetsa, ka meropa le ka mehobelo e le yena ngwana ya mong ho Jafeta, a se na mora leha e le moradi, haese yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 11:34
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a apara setipe se entsweng ka lesela la lene, a hobela ka matla a hae kaofela, a isa hlompho ho Morena.


Mo roriseng ka moropa le ka mohobelo, mo roriseng ka seletsa se dikgwele, le ka makodilo;


Bohle ba bona mekoloko ya hao, Modimo, mekoloko ya Modimo wa ka, kgosi ya ka, mekoloko e kenang Sehalalelong.


Yaba Meriama wa moporofeta, kgaitsedi ya Arone, o nka moropa ka letsoho la hae; basadi bohle ba tswa, ba mo sala morao, ba nkile meropa, mme ba etsa motjeko.


Barwetsana ba tla etsa motjeko, ba nyakalle, ba nyakalle ba ena le bahlankana le wona maqheku. Bofifi ba bona bo tla fetoha e be thabo, ke ba tshedise, maswabi a bona e be nyakallo.


Ke tla boela ke tsosa dithako tsa hao, mme o tla tsoha wena morwetsana, Jerusalema. O tla boela o kgaba ka meropa ya hao, o kene motjekong wa ba tjekang ba thabile.


“Ke tla theolela moya wa kutlwelobohloko le wa thapedi hodima ntlo ya Davida le hodima baahi ba Jerusalema. Ba tla tadima nna eo ba mo hlabileng, ba mo llele jwaloka ya llelang ngwana ya inotshi; ba mo sarellwe habohloko jwaloka ya llelang mora wa hae wa letsibolo.


Ha a atamela kgoro ya motse, ha be ho ntshwa mofu motseng, mora ya mong, eo mmae e neng e le mohlolohadi. Letshwelehadi la motse le ne le ena le yena.


hobane o ne a ena le moradi ya nnotshi ya ka bang dilemo tse leshome le metso e mmedi, mme moradi eo o ne a le lekgatheng la ho shwa. Jwale ha Jesu a ntse a eya teng, matshwele a penyana ho yena.


Bonang, monna e mong a howa, a re: “Moruti, ke a o kopa hore o tadime mora wa ka, hobane ke yena a le inotshi.


Bana ba Amone ba phutheha, ba hloma Gileade. Bana ba Iseraele le bona bo kopana, ba hloma Misepa.


Yaba Jafeta o tsamaya le baholo ba Gileade, mme setjhaba sa mo etsa moetapele wa sona le molaodi wa sona. Jafeta a pheta dipolelo tsa hae tsohle a le Misepa, moo Morena a ntseng a bona.


Bana bohle ba Iseraele, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, le naheng ya Gileade, ba tsamaya. Setjhaba sa phuthehela Misepa ho Morena, sa iketsa kgokanyana phiri.


Le lebelle, mme e tle ere ha le bona barwetsana ba Shilo ba etla motjekong, le ropohe hara dirapa tsa morara, monna e mong le e mong a ikabe ka mosadi wa hae hara barwetsana bao ba Shilo, a ikele naheng ya morabe wa Benjamine.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ