Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 11:29 - BIBELE

29 Jwale Moya wa Morena wa aparela Jafeta. A feta hara naha ya Gileade le Manase, a fihla Misepa e Gileade. Ho tloha Misepa e Gileade a fetela ho Baamone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Yaba moya wa Jehova o tlela Jafeta, a ba a haola ka Gileade le Manasse, a feta le Mitspe wa Gileade; ha a tloha Mitspe wa Gileade, a fetela ho bana ba Ammone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 11:29
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

mme mokolokotwane a o bitsa Misepa, hobane o ile a re: “Morena a lebele pakeng tsa rona le wena, ha re se re arohane.


Jwale Moya wa Modimo wa theohela hodima Amasai, molaodi wa ba mashome a mararo, mme a re: “Oho, Davida, re ba hao, re ba hao, mora wa Jese! Kgotso e ke e be le wena, kgotso ho bathusi ba hao, hoba o thuswa ke Modimo wa hao.” Yaba Davida o a ba amohela, mme a ba etsa balaodi ba mabothwana a hae.


Yaba Morena o theoha a le lerung, o bua ho Moshe. A nka karolo e nngwe ya Moya o ho Moshe, a e abela banna ba mashome a supileng, bao e leng baholo. Eitse ha Moya o dula hodima bona, ba porofeta, empa ba ba ba kgaotsa.


Bana ba Amone ba phutheha, ba hloma Gileade. Bana ba Iseraele le bona bo kopana, ba hloma Misepa.


Yaba Jafeta o tsamaya le baholo ba Gileade, mme setjhaba sa mo etsa moetapele wa sona le molaodi wa sona. Jafeta a pheta dipolelo tsa hae tsohle a le Misepa, moo Morena a ntseng a bona.


Empa kgosi ya Baamone ya se ke ya natsa molaetsa oo Jafeta a o rometseng ho yona.


Jafeta a etsetsa Morena kano, a re: “Haeba ruri o ka neelana ka Baamone matsohong a ka,


Moya wa Morena wa qala ho mo susumetsa ha a le Mahaneha-Dane e pakeng tsa Sora le Eshetaole.


Moya wa Morena wa theohela hodima hae, ya eba moahlodi wa Baiseraele. A futuha, mme Morena a neelana ka Kushane-Rashataime, kgosi ya Arame, matsohong a hae. Oteniele a hlola Kushane-Rashataime.


Moya wa Morena wa aparela Gideone, a letsa lenaka, mme Baabiesere ba bokellana, ba mo latela.


Ha ba fihla leralleng, ba bona sehlopha sa baporofeta se etla ho yena. Moya wa Morena wa theohela hodima Saule ka matla, mme le yena a porofeta a le hara bona.


Ha Saule a utlwa mantswe ana, Moya wa Modimo wa theohela hodima hae ka matla, mme kgalefo ya hae ya tlokoma haholo.


Morena a roma bo-Jerubaale, le Bedane, le Jafeta, le Samuele, mme a le namolela matsohong a dira tsa lona kahohle, yaba le phela ka kgotso.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ