Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 11:27 - BIBELE

27 Ka baka leo, ha ke a o sitelwa ka letho, mme o etsa hampe ka ho ntwantsha. Eka ka letsatsi lena Morena a ka ahlola pakeng tsa bana ba Iseraele le Baamone.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Haele nna, ha ke na molato ho wena; ke wena ya nketsang hampe ka ho ntwantsha. Jehova ha e ke e be yena moahlodi ya ahlolang mahareng a bana ba Iseraele le bana ba Ammone kajeno!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 11:27
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Sarai a re ho Aborame: “Nyediso ena ke e etsetswa ka baka la hao! Ke nna ya o neileng lekgoba lena ho ba mosadi wa hao, empa haesale le hlokomela hore le ithwetse le a nnyedisa. A e ke e be Morena ya ahlolang pakeng tsa rona le wena!”


Kgopolo e jwalo, ya ho bolaya ba lokileng le ba kgopo, e ke e be hole le maikutlo a hao! Ho be siyo maikutlong a hao ho tshwantsha ba lokileng le ba kgopo! Na Moahlodi wa lefatshe lohle a ke ke a ahlola ka toka?”


Modimo wa Aborahama, le Modimo wa Nakore, le Modimo wa bo-ntata bona, a re ahlolele.” Jwale, Jakobo a hlapanya ka Ya Tshajwang ke ntatae Isaka.


Oho, Modimo wa rona, ako ba ahlole! Re hloka matla a ho lwantsha lebothohadi lena le re futuhetseng. Ha re tsebe le seo re ka se etsang, empa rona re tshepile wena.”


Ya lokileng a ka arabisana le yena moo; ho Moahlodi wa ka ke lokollelwe ruri.


Leha ke se na molato ke ne nke ke ka mo araba, haese feela ho kopa mohau ho Moahlodi wa ka.


Mahodimo a bolela ho loka ha hae, kaha Modimo ke yena moahlodi.


Thebe ya ka ke Modimo, ya pholosang ba pelo di ntle.


Kahlolo ha e tswe botjhabela, kapa ha e tswe bophirimela, leha e le lehwatateng kapa dithabeng.


Thusa, Modimo, o ahlole lefatshe, hobane ditjhaba tsohle ke tsa hao.


Tsoha, wena moahlodi wa lefatshe, o nee baikgohomosi moputso wa bona.


kapele ho Morena, hobane o tlilo ahlola lefatshe. O tla ahlola lefatshe ka toka, le ditjhaba ka ho loka.


Wena mohlankana, ithabise o sa le motjha, o nyakallele matsatsi a botjha ba hao; o latele thato ya pelo ya hao, o tsamaye ho ya ka tjhadimo ya hao; feela o tsebe Modimo o tla o ahlola, a o ahlolele ketso tsohle tsa hao.


Diketso tsohle Modimo o tla di ahlola, esita le tsona tsohle tse entsweng bofihla, ebang di ntle kapa di mpe.


Hobaneng? Hobane ke sa le rate? Tjhe, Modimo o a tseba, ke a le rata.


hobane eka kgona diketso tsa rona bohle di pepeswe pela setulo sa Kreste sa kahlolo, e le hore motho ka mong a amohele se mo lokelang, ka ho ya ka tse ntle kapa tse mpe tseo a di entseng, ha a sa ntsane a phela mmeleng.


Jwale ke se ke beetswe mofapahlooho wa ho loka, oo Morena, moahlodi ya lokileng, a tlang ho mputsa ka wona ka Letsatsi lela; e seng nna feela, empa le bohle ba lebeletseng boiponahatso ba hae.


Le tlile phuthehong ya matsibolo ao mabitso a wona a ngotsweng bukeng ya lehodimo; le tlile le ho Modimo, moahlodi wa batho bohle, le ho meya ya ba lokileng, ba fihletseng phetheho.


Empa kgosi ya Baamone ya se ke ya natsa molaetsa oo Jafeta a o rometseng ho yona.


Dira tsa Morena di tla tamukanngwa, ha Radiphahama a thwathwaretsa a le lehodimong; Morena o tla ahlola batho bohle, a matlafatse kgosi ya hae, a tsose Motlotsuwa wa hae, a mo tsose molota!”


Morena a ke a ahlole pakeng tsa rona le wena, mme Morena e be mophetetsi wa ka ho wena. Empa nna nke ke ka o isa letsoho.


Jwalokaha maele a baholoholo a bolela: ‘Bokgopo bo etswa ke ba kgopo,’ empa nna nke ke ka o isa letsoho.


Ka baka leo, Morena e ke e be yena moahlodi, a ahlole pakeng tsa rona le wena. A ke a bone, a mpuelle, a nnamolele matsohong a hao.”


Hoba Davida a bue mantswe ana ho Saule, yaba Saule o re: “Davida, mora wa ka, na ke wena ya buang?” Saule a lla haholo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ