Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 11:24 - BIBELE

24 Ruri seo modimo wa lona Kemoshe a le neileng sona ke sa lona; le rona re hapa naha ya e mong le e mong eo Morena Modimo wa rona, a mo lelekileng kapele ho rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Ha ke re, o ka rua seo Kemoshe, modimo wa hao, a ka o ruisang sona na? Le rona, re rua naha ya bohle bao Jehova, Modimo wa rona, a ba lelekisang pela rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 11:24
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hodima leralla le ka botjhabela ho Jerusalema, Solomone a hahela Kemoshe, e leng manyala a Moabe, le Milekome, e leng manyala a Baamone, aletare ya mahlabelo.


Modimo, re utlwile ka tsebe tsa rona, bo-ntata rona ba re phetetse tsohle tseo o di entseng mehleng ya bona, wa di etsa ka tsoho la hao, wa di etsa mehleng eo ya kgale.


A leleka ditjhaba pela bona, a ba sehela moo e tla ba lefa la bona, a ahisa meloko ya Iseraele, a e ahisa metlotlwaneng ya tsona.


Jwale Moabe e tla hlabiswa dihlong ke Kemoshe, jwalokaha Baiseraele dihlong di ile tsa ba hlaba, mehleng ya ha Bethele e ne le tshepo ya bona.


O madimabe hakaakang, wena Moabe! Tjhaba sa Kemoshe se fedile kaofela, bara ba hao ba isitswe bothopuweng, baradi ba hao le bona ba thopilwe!


Kaha le tshepile ketso tsa lona le maruo a lona, le lona Bamoabe le tla thopuwa; Kemoshe le yena o tla thopuwa; a thopuwe le baprista ba hae, a thopuwe le mahosana.


Tjhaba tsohle di sebeletsa medimo ya tsona, empa rona re tla sebeletsa Morena, re sebeletse Modimo wa rona kamehla le mehla.


O madimabe hakaakang, wena Moabe! Le timetse lona, tjhaba sa Kemoshe! O tlohetse bara ba hae ho ba baphaphathehi, baradi ba hae ho ba batshwaruwa, batshwaruwa ba Sihone, kgosi ya Baamore.


Bohle ba etsang dintho tsena ke manyala ho Morena, mme ka baka la manyala ana Morena Modimo wa hao, o ba leleka kapele ho yena.


Morena a nea Baiseraele naha yohle eo a neng a hlapanye hore o tla e nea bo-ntata bona, mme ya eba ya bona, ba aha ho yona.


Joshua a boela a re: “Ka sena le tla tseba hore Modimo ya phelang o teng kahara lona, le hore o tla leleka kapele ho lona Bakanana, le Bahete, le Bahife, le Baperise, le Bagirigashe, le Baamore, le Bajebuse.


Bana ba Iseraele ba boela ba sitelwa Morena. Ba sebeletsa bo-Baale, le bo-Asetarote, le medimo ya Arame, le medimo ya Sidone, le medimo ya Moabe, le medimo ya bana ba Amone, le medimo ya Bafilesita; ba furalla Morena, ba se ke ba hlola ba mo sebeletsa.


“Kahoo Morena Modimo wa Iseraele, a leleka Baamore kapele ho setjhaba sa hae sa Baiseraele.


Jwale lengeloi la Morena la fihla Bokime, le etswa Gilegale. La fihla ho Baiseraele, la re: “Ke le nyolotse Egepeta, ke le tlisitse naheng ena eo ke neng ke e hlapanyetse bo-ntata lona, ka re: ‘Nke ke ka roba selekane sa ka le lona le ka mohla.


Naomi a re ho yena: “Bona, ngwetsi eno e kgutletse ho ba habo yona, le ho medimo ya yona; le wena kgutla, o latele ngwetsi eno.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ