Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 11:21 - BIBELE

21 “Empa Morena Modimo wa Iseraele, a neelana ka Sihone le setjhaba sohle sa hae matsohong a Baiseraele. Baiseraele ba ba hlola, ba hapa naha yohle ya Baamore, e leng baahi ba naha eo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Jehova, Modimo wa Iseraele, a neela Sihone le setjhaba sa hae kaofela matsohong a Baiseraele, mme ba ba bolaya; Baiseraele ba rua naha yohle eo Baamore ba neng ba ahile ho yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 11:21
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bana ba Iseraele ba baleha bahlabani ba Juda, mme Modimo a neelana ka bona matsohong a bahlabani bao ba Juda.


Na ha le tsebe hore Morena Modimo wa Iseraele, o neile Davida puso ya Iseraele yohle, kamehla yohle? O mo neile yona le ditloholo tsa hae, ka selekane sa mehla yohle?


“Ke tla seha meedi ya hao ho tloha Lewatleng la Lehlaka, ho isa Lewatleng la Bafilesita, le ho tloha lehwatateng ho ya fihla Nokeng. Ke tla etsa hore o hlole baahi ba naha eo, mme o tla ba leleka kapele ho wena.


Ke ne ke timetse Baamore ba le thibetse tsela, leha ba ne ba le balelele, ba le balelele sa dikedare, ba le matla sa difate tsa dieike. Tholwana tsa bona ka di fedisa, le metso ya bona ka e fothola.


Baiseraele ba bolaya Sihone ka sabole, ba hapa naha ya hae, ho tloha Arenone ho ya fihla Jaboko, le ho ya fihla naheng ya bana ba Amone, hobane moedi wa bana ba Amone o ne o raletswe.


“Sihone a tswa a ena le setjhaba sa hae sohle, a re futuhela, a re lwantshetsa pela Jahase.


Jwale Morena a re ho Joshua: “Bona, ke neelana ka Jeriko le kgosi ya yona, le banna ba dinatla, ba sebete, matsohong a hao.


Empa Sihone a se ke a dumella Baiseraele ho feta hara naha ya hae. A bokella setjhaba sa hae sohle, a hloma Jahase, mme a lwantsha Baiseraele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ