Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 10:6 - BIBELE

6 Bana ba Iseraele ba boela ba sitelwa Morena. Ba sebeletsa bo-Baale, le bo-Asetarote, le medimo ya Arame, le medimo ya Sidone, le medimo ya Moabe, le medimo ya bana ba Amone, le medimo ya Bafilesita; ba furalla Morena, ba se ke ba hlola ba mo sebeletsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Bana ba Iseraele ba boela ba etsa ho leng hobe pela Jehova; ba sebeletsa boBaale le boAshtarothe, le medimo ya Siria, le medimo ya Sidone, le medimo ya Moabe, le medimo ya bana ba Ammone, le medimo ya Bafilesta; ba furalla Jehova, ba lesa ho mo sebeletsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 10:6
32 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke kahobane Solomone o mphuraletse. O kgumametse Asetarote, modimo wa Basidone, le Kemoshe, modimo wa Bamoabe, le Milekome, modimo wa Baamone. Ha a ya tsamaya ka ditsela tsa ka, ha a ya etsa ho lokileng mahlong a ka, mme ha a ya boloka ditaelo tsa ka le dikahlolo tsa ka, jwalokaha Davida, ntatae, yena a ile a di boloka.


Solomone a kgumamela Asetarote, modimo wa Basidone, le Milekome, e leng manyala a Baamone.


Hodima leralla le ka botjhabela ho Jerusalema, Solomone a hahela Kemoshe, e leng manyala a Moabe, le Milekome, e leng manyala a Baamone, aletare ya mahlabelo.


A fumana eka ke ntho e fokolang ho etsa dibe tse kang tsa Jeroboame, mora wa Nebate, hoo a bileng a nyala Jesabele, moradi wa Etebaale, kgosi ya Basidone, mme a ya sebeletsa Baale, a mo kgumamela.


Ba furalla melao yohle ya Morena Modimo wa bona: Ba ipopela ditshwantsho tse pedi tsa manamane, ba iketsetsa setshwantsho sa Ashera; ba kgumamela letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, ba sebeletsa Baale.


Dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, tse neng di le pela Jerusalema, ka letsohong le letona ho Thaba ya Tshenyeho, tseo Solomone, kgosi ya Iseraele, a neng a di hahetse Asetarote, manyala a Basidone; le Kemoshe, manyala a Bamoabe; le Milekome, manyala a bana ba Amone; tsena tsohle ya di silafatsa.


Akase a etsetsa medimo ya bohata ya Damaseka, mahlabelo, e leng yona e ntseng e mo timetsa, mme a re: “Kaha medimo ya dikgosi tsa Arame e di thusitse, le nna ke tla e etsetsa mahlabelo, e le hore e tle e nthuse.” Empa ke yona medimo eo e ileng ya mo timetsa, ya timetsa le naha yohle ya Iseraele.


Ba sebeletsa medimo ya bona, medimo ya bona ya ditshwantsho, e ileng ya ba fetohela leraba.


Ako itshwabele wena Sidone, wena o leng qhobosheane ya lewatle, hoba lewatle le buile, la re: “Ha ke eso be le mahlaba a pelehi, le ho tswala ha ke eso tswale, ha ke eso hodise bara, le baradi ha ke eso ba hodise.”


“Tjhaba sa ka se entse dibe di le pedi: Se furaletse nna, diba sa metsi a phoroselang, sa itjhekela diqanthana tseo e leng tsa sona, qanthana tseo metsi a ke keng a ema ka ho tsona.”


“Joko ya hao ke kgale o no e robe, marapo a yona wona wa a kgaola, wa re: ‘ha ke sa tla ba lekgoba la hao!’ Yaba o hlwella hodima maralla, tlasa difate tse talana wa lelera, wa paqama fatshe ho etsa bootswa.


Ba ile ba fihla naheng ena, ba e hapa, empa ha ba a ka ba hlompha lentswe la hao, leha e le ho tsamaya ho ya ka molao wa hao. Ha ba a ka ba etsa letho la tsohle tseo o neng o ba laetse hore ba di etse; ka baka lena, o entse hore bobe bona bohle bo ba wele hodimo.


“ ‘Baarame le bona ba ne ba hweba le wena ka baka la bongata ba thepa eo o neng o e etsa; ba ananya thepa eo ya hao ka majwe a bohlokwa a matala, le ka masela a perese, le a homilweng, le ka lene e ntle, le ka dikgetla, le ka majwe a bohlokwa a mafubedu.


“Haeba ngwaneno wa letswele, kapa mora wa hao, kapa moradi wa hao, kapa mosadi wa hao wa sethibamathe, kapa motswalle wa hao wa hlooho ya kgomo, a ka o hohela ka lekunutu, a re: ‘A re ye, re yo sebeletsa medimo e meng,’ eo wena, le bo-ntata lona, le sa kang la e tseba;


le se ke la dumela tsa hae, kapa la di mamela, kapa la mo hauhela, kapa la mo qenehela, kapa la mo pata.


Yaba Morena o re ho Moshe: “Bona, o se o tla ithoballa le bo-ntatao, empa setjhaba sena se tla hloka botshepehi ho nna, se kgelohe, se latele medimo e meng ya baditjhaba ba naha, seo se yang ho phela hara bona. Se tla mphuralla, se kwenehele selekane sa ka, seo ke se entseng le sona.


Mohlang hoo ho etsahalang, ke tla se halefela haholo, ke se furalle, ke se patele sefahleho sa ka. Se tla timela, se hlahelwe ke bomadimabe bo tshabebang le ditsietsi tse ngata. Mohlang oo se tla re: ‘Na hase hobane Modimo wa rona a le siyo kahara rona, ha e le moo re hlahelwa ke bomadimabe boo?’


“Jakobo a ja, a kgora, Jeshurune a nona, a ba a penya, a lahla Modimo e le Mmopi wa hae, a nyedisa Fika le mo pholositse.


Le karolo e nngwe ya Gileade, le Ashetarote, le Ederei, e leng metse ya naha ya Oge e Bashane. Ena e ne e le ya bana ba Makiri, mora wa Manase, le ya karolo e nngwe ya bana ba Makiri, ho ya ka malapa abo bona.


Ruri seo modimo wa lona Kemoshe a le neileng sona ke sa lona; le rona re hapa naha ya e mong le e mong eo Morena Modimo wa rona, a mo lelekileng kapele ho rona.


Bana ba Iseraele ba boela ba sitelwa Morena. Morena a neelana ka bona matsohong a Bafilesita ka dilemo tse mashome a mane.


Mahosana a Bafilesita a kopana, ho etsetsa Dagone, modimo wa wona, nyehelo e kgolo ya sehlabelo, le ho ithabisa, hobane a ne a re: “Modimo wa rona o neelane ka Samosone, sera sa rona, matsohong a rona.”


Bana ba Iseraele ba sitelwa Morena, ba lebala Morena Modimo wa bona, ba sebeletsa bo-Baale le ditshwantsho tsa Ashera.


Ha Ehude a se a shwele, bana ba Iseraele ba boela ba sitelwa Morena.


Bana ba Iseraele ba sitelwa Morena. Morena a neelana ka bona matsohong a Bamidiane ka dilemo tse supileng.


Yare hanghang hoba Gideone a shwe, bana ba Iseraele ba kwenehela Morena hape, ba sebeletsa bo-Baale, ba iketsetsa Baale-Berite hore e be modimo wa bona.


Jwale ba nka areka eo ya Modimo, ba e kenya ka tempeleng ya Dagone, ba e bea pela Dagone.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ