Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 10:4 - BIBELE

4 O ne a ena le bara ba mashome a mararo, ba neng ba palama dipetsana tsa ditonki tse mashome a mararo. Ba ne ba ena le metse e mashome a mararo naheng ya Gileade, eo le kajeno-ya-bokajeno e ntseng e bitswa Metse ya Jaire.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 O ne a na le bara ba mashome a mararo, ba kallang diesele tse mashome a mararo; ba ne ba na le metse e mashome a mararo naheng ya Gileade, e reilweng lebitso la Havvoth-Jaire le kajeno.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 10:4
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kgosi ya re ho Siba: “O tlilo etsang ka dintho tsee?” Siba a re: “Ditonki tsena di tla palangwa ke ba lelapa la kgosi; bohobe bona, le ditholwana tsena tse jewang hlabula, ke dijo tsa bahlankana, mme veine yona e tla nowa ke ba tla kgathala ha ba le lehwateteng.”


Wena Moradi wa Sione nyakalla haholo! Wena Moradi wa Jerusalema etsa ditlatse! Bona! Kgosi ya hao e tla ho wena; e lokile, e tlisa topollo, e ikokobeditse, e palame tonki, e palame petsana ya tonki.


Jaire, mora wa Manase, a futuhela metsana e moo, a e hapa, mme a e rea lebitso la Metse ya Jaire.


Jaire, mora wa Manase, a nka setereke sohle sa Aregobe, ho ya fihla moeding wa Bageshure, le wa Bamaaka. Sebaka sena, esita le sa Bashane, a se reella ka yena, a re ke Metse ya Jaire, mme le kajeno-ya-bokajeno se sa ntse se bitswa jwalo.


Kamora Tola ha hlaha Jaire wa Mogileade. Ya eba moahlodi wa Baiseraele ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi.


O ne a ena le bara ba mashome a mane, le ditloholo tse mashome a mararo, mme ba ne ba palama dipetsana tsa ditonki tse mashome a supileng. Abadone ya eba moahlodi wa Baiseraele ka dilemo tse robedi.


“Lona ba palamang ditonki, tonki tse tshweu, lona ba dutseng dibutshabutsheng, le lona bo-mofetakatsela, bolelang jwalo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ