Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 10:15 - BIBELE

15 Empa bana ba Iseraele ba re ho Morena: “Re sitilwe. Wena o re etse eng kapa eng eo o bonang e lokela, ha feela o ka mpa wa re namolela ka letsatsi lena, re a o rapela.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Bana ba Iseraele ba re ho Jehova: Re sitilwe; etsa ka rona kahohle kamoo o ratang kateng; feela, o re namolele kajeno.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 10:15
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tiisa matla, re lwanele setjhaba sa habo rona, le metse ya Modimo wa rona ka sebete. Morena a ke a etse seo yena a bonang hore se lokile.”


Davida a re ho Nathane: “Ke sitetswe Morena.” Yaba Nathane o re ho Davida: “Le Morena o hlakotse sebe sa hao; ha o na ho shwa.


Empa haeba Morena a ka re: ‘Ha o nkgahle,’ bona, ke nna enwa, a nketse seo a bonang se lokile.”


Hoba Davida a bale setjhaba, letswalo la hae la mo ja, yaba o re ho Morena: “Ke o sitetswe haholo ka seo ke se entseng. Empa jwale ke a o rapela, Morena: Ako hlakole bokgopo bona ba mohlanka wa hao, hobane ke sebeditse ka bothoto bo boholo.”


Davida a re ho Gade: “Ke tlaletswe haholo! Ho ena le ho wela diatleng tsa motho, re ka mpa ra wela diatleng tsa Morena, hobane mohau wa hae o moholo.”


O tla binela batho, ebe o re ho bona: ‘Ke entse sebe, ka kgopamisa ho loka, empa sebe seo sa ka ha ke a se otlelwa.


Ya patang dibe tsa hae a ke ke a ba le katleho; ya ipolelang tsona, a di bakela, o tla fumana mohau.


Morena, ba tlile ho wena ba tsielehile, ha o ba kgalema yaba ba a o rapela.


Ka re: ‘O ntahletse hole le wena, empa ke tla boela ke bone, ke bone Tempele ya hao, Tempele e halalelang.’


Ho ka tseba mang haeba Modimo a ka nna a hauha, a kgutla kgalefong ya hae e tukang, e le hore re se ke ra timela?”


Bona mona, re matsohong a hao, seo o bonang hore se lokile, wena o re etse sona.”


Ba ipiletsa ho Morena, ba re: ‘Re sitilwe, hobane re furaletse Morena. Re sebeleditse bo-Baale, le bo-Asetarote. Empa jwale ako re namolele matsohong a dira tsa rona, mme re tla o sebeletsa.’


Samuele a mmolella tsohle, a se ke a mo patela letho. Eli a re: “Eo he, ke Morena. Ha a ke a etse seo a bonang se lokile mahlong a hae.”


Ba kopanela Misepa, ba kga metsi, ba a qhalla kapele ho Morena, ba itima dijo ka letsatsi leo, ba re: “Re sitetswe Morena!” Samuele a qala ho ba moahlodi wa bana ba Iseraele ha ba le Misepa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ