Baahlodi 1:6 - BIBELE6 Empa Adoni-Beseke a baleha. Ba mo phaladisa, ba mo tshwara, ba mo kgaola menwana e metona ya matsoho le ya maoto. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)6 Adoni-Beseke a baleha, mme ba mo phallela, ba mo tshwara, ba mo poma menwana e metona ya matsoho le ya maoto. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
O tla hlaba peleu eo; o nke madi a mang a yona, o tlotse ntlha ya tsebe ya Arone ya letsoho le letona; le dintlha tsa ditsebe tsa bara ba Arone tsa matsoho a matona; le hodima menwana e metona ya matsoho a bona a matona; le hodima menwana e metona ya maoto a bona a matona, mme ka madi a mang o foke aletare ho e potapota.
“Ka baka leo, Morena o bua tjena: Ha le a ka la mamela ha ke re motho ka mong a lokolle ngwanabo le ya ahelaneng le yena, ho rialo Morena. Bonang mona he, le lona ke le phatlalletsa tokoloho, e leng tokoloho ya ho bolawa ka sabole, ya ho bolawa ke lefu la sewa, le ya ho bolawa ke sekoboto. Ke tla etsa hore mebuso yohle ya lefatshe e le nyonye.