Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 1:23 - BIBELE

23 Ba ntlo ya Josefa ba romela dihlwela ho ya hlwela motse wa Bethele. Pele lebitso la motse ona e ne e le Lose.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Ba ntlo ya Josefa ba romela ho hlwela Bethele (bitso la pele la motse oo e ne e le Luse).

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 1:23
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Sebaka seo a se rea lebitso la Bethele; athe pele motse oo o ne o bitswa Lose.


Jakobo le batho bohle ba neng ba ena le yena ba fihla Lose, e leng Bethele e naheng ya Kanana.


Yaba Jakobo o re ho Josefa: “Modimo ya matla wohle o ne a iponahatse ho nna, ha ke le Lose, naheng ya Kanana, mme a ntlhohonolofatsa,


Lotho la abela bana ba Josefa naha e tlohang Jorodane, pela Jeriko, ka botjhabela ho didiba tsa Jeriko, ho ya fihla lehwatateng; le ho tloha Jeriko, ho nyolosa hara naha e maralla, ho ya fihla Bethele.


Moedi wa tloha Bethele ho ya fihla Lose, wa fetela pele ho ya fihla moeding wa Baareki le ho ya fihla Atarote.


Ho tloha moo moedi o ne o feta lehlakoreng le ka borwa ho Lose, e leng Bethele, ebe o theohela Atarote-Adare, pela thaba e ka borwa ho Bete-Horone e tlase.


Ha ba le Shitime, Joshua, mora wa Nune, a roma banna ba babedi ba dihlwela, ka lekunutu, a re ho bona: “Eyang, le yo hlahloba naha le motse wa Jeriko.” Banna bao ba babedi ba ya, ba fihla ka tlung ya mosadi wa seotswa, ya bitswang Rahaba, mme ba robaletsa teng.


Ha Joshua a le Jeriko a roma banna Ai, e pela Bete-Afene ka botjhabela ho Bethele. A bua ho bona, a re: “Tsamayang le yo hlwela naha.” Banna bao ba nyolohela teng, ba hlwela Ai.


Ba ntlo ya Josefa le bona ba futuhela motse wa Bethele, mme Morena a nna a ba le bona.


Bana ba Dane ba roma banna ba bahlano ba lelapa labo bona, e le bahlabani ba tswang metseng ya Sora le Eshetaole, ho ya hlwela naha, le ho e hlahloba. Ba re ho bona: “Tsamayang le yo hlahloba naha.” Bao ba ya fihla naheng e maralla ya Efraime, tlung ya Mmika, mme ba robaletsa teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ