Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 1:18 - BIBELE

18 Ba morabe wa Juda ba hapa le motse wa Gasa mmoho le naha ya wona, le motse wa Ashekelone mmoho le naha ya wona, le motse wa Ekerone mmoho le naha ya wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Juda a nka le Gasa le naha ya teng, le Ashkelone le naha ya teng, le Ekrone le naha ya teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 1:18
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Solomone o ne a busa naha yohle e ka bophirimela ho noka ya Euferatese, ho tloha Tifesa, ho ya fihla Gasa; a busa le dikgosi tsohle tsa naha eo. O ne a phedisana ka kgotso le ditjhaba tsohle tseo a neng a ahelane le tsona.


“Ke tla seha meedi ya hao ho tloha Lewatleng la Lehlaka, ho isa Lewatleng la Bafilesita, le ho tloha lehwatateng ho ya fihla Nokeng. Ke tla etsa hore o hlole baahi ba naha eo, mme o tla ba leleka kapele ho wena.


le melata yohle e Egepeta, le dikgosi tsohle tsa naha ya Use, le dikgosi tsohle tsa naha ya Filesitiya, le Ashekelone, le Asa, le Ekerone, le masalla a Ashedode,


Gasa e tla ba bofifing, e beole hlooho, Ashekelone yona e tla ripitlwa. Lona masalla a tjhaba sa Baanake, le tla itlhokofatsa, le lle ho fihlela neng?


Le Baafa ba neng ba ahile metsaneng e ilo fihla Gasa, ba ile ba timetswa ke Bakafatore ba neng ba etswa Kafatore, mme ba aha naheng ya bona.


Ha ho le ya mong wa Baanake ya ileng a sala naheng ya bana ba Iseraele, haese Gasa, le Gate, le Ashedode feela, moo methwaela e ileng ya sala.


E tloha Shihore e ka botjhabela ho Egepeta, ho ya fihla moeding wa Ekerone, ka leboya, eo e leng ya Bakanana. Ke ya mahosana a mahlano a Bafilesita, e leng a Gasa, le a Ashedode, le a Ashekelone, le a Gade, le a Ekerone, le a Baafa ka borwa.


Moedi ona wa leba leropong la Ekerone le ka leboya, wa sehwa ho ya fihla Shikarone, wa fetela thabeng ya Baala, wa fetela le Jabeneele, wa ya fella lewatleng.


Moya wa Morena wa theohela hodima hae ka matla, yaba o theohela Ashekelone, teng a bolaya banna ba mashome a mararo. A nka diaparo tsa bona, a nea banna ba ileng ba mmolella tlhaloso ya selotho sa hae diaparo tsa mokgabo. Kgalefo ya hae ya tlokoma, a nyolohela lapeng habo.


Bafilesita ba mo tshwara, ba mo honya mahlo, ba mo theolela Gasa. Ba mo tlama ka mahlaahlela a lethose, mme mosebetsi wa hae tjhankaneng, ya eba wa ho sila ka lelwala.


Ditjhaba tseo ke tsa marena a mahlano a Bafilesita, le Bakanana bohle, le Basidone, le Bahife, e leng baahi ba thaba ya Lebanone, ho tloha Baale-Heremone, ho ya fihla lekgalong la Hamate.


Ana ke mathopa a mokoteng, a bopilweng ka kgauta, ao Bafilesita ba ileng ba a romela ho Morena e le nyehelo e tlosang sebe: Le leng e ne e le la Ashedode, le leng e le la Gasa, le leng e le la Ashekelone, le leng e le la Gate, le leng e le la Ekerone.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ