Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Amose 6:7 - BIBELE

7 Kahoo ke lona ba pele ba tla thopuwa, mekete ya lona ya dijo e tla fela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ka baka leo, jwale, ba tla ya kgolehong, ba beilwe kapele ho bohle ba iswang teng; lerata la ba ikotlolotseng le tla fela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Amose 6:7
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haeba kgosi e nkgauhetse, mme eba ke ntho e kgahlang kgosi ho phethahatsa thapedi le kopo ya ka, kgosi le Hamane ba ke ba tle moketeng oo ke tla be ke ba lokiseditse wona hosasane, mme teng ke tla araba potso ya kgosi.”


Pelo ya ka e a uba, ke thothomela ke tshabo, shwalane eo ke e hlolohetsweng e nkenyeditse letswalo.


Meropa ya thabo e kgaotsa ho tidinya, mehoo ya ba nyakaletseng le yona e a fela, pina tsa diharepa le tsona di kgaoditse.


Hona bosiung boo, Beleshasare, kgosi ya Bakalatiya, a bolawa,


Le tla tswa ka dikgeo tsa marako, le tswe ka bonngwe le kolokile, le tswe, le yo lahlelwa Heremone,” ho rialo Morena.


Kahoo ke tla le fallisa, ke le fallisetse ka nqane ho Damaseka,” ho rialo Morena, lebitso la hae ke Modimo wa mabotho.


Le se mpatle Bethele, le Gilegale le se kene, leha e le ho fetela Beeresheba, hoba Gilegale e tla fela e thoptjwe, Bethele yona e fetohe nanaola.”


Amose o bua tjena: “ ‘Jeroboame o tla bolawa, a bolawe ka sabole, ruri Baiseraele ba tla thopuwa, ba thopelwe hole, hole le naha ya habo bona.’ ”


“Ka baka leo, Morena o bua tjena: “ ‘Mohatsa hao otla fetoha seotswa hara motse, bara le baradi ba hao ba bolawe ka sabole. Naha ya heno e tla arolelwa basele, wena o yo shwela naheng, naheng e silafetseng. Ruri Baiseraele ba tla thopuwa, ba thopelwe hole, hole le naha ya habo bona.’ ”


Ba tla tjheswa sa meutlwa e harahane, ba tjheswe sa dirite di omeletse, ba ntse ba itlopile veine ya bona.


Ba tla bolawa ka sabole, ba qhalanyetswe ditjhabeng tsohle e le bathopuwa, mme Jerusalema e tla hatakelwa ke baditjhaba, ho fihlela nako ya bona e fela.”


O tla tswala bara le baradi, empa e ke ke ya eba ba hao, hobane ba tla ya bothopuweng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ