Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




3 Johanne 1:6 - BIBELE

6 Ba pakile lerato la hao pontsheng ya phutheho e mona, mme e tla ba o entse hantle ha o ka ba thusa leetong la bona, ka mokgwa o tla kgahlisa Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ke bona ba pakileng lerato la hao pela kereke; mme o tla etsa hantle ha o ba baballa leetong la bona ka mokgwa o ka bokwang ke Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

6 ba pakileng tsa lerato la hao pela kereke;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 ba pakileng tsa lerato la hao pela kereke;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




3 Johanne 1:6
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haeba o etsa hantle, na sefahleho sa hao ha se na ho bontsha kgotso? Empa ha o sa etse hantle, sebe se laletse monyakong wa hao, se a o lakatsa; feela wena eka kgona o se hlole.”


Empa Morena a mo araba, a re: “Na o etsa hantle ha o halefa?”


ho ila tse hlabetsweng medimo ya bohata, le madi, le dintho tse fenethilweng, le bohlola. Ha le ila tsena, e tla ba le etsa hantle. Salang ka kgotso.”


Ba neng ba romilwe ke kereke ba feta Fenisia le Samaria, ba ntse ba bolela tsa tshokoloho ya baditjhaba, mme ba thabisa badumedi bohle haholo.


Ha re qetile matsatsi ao, ra tloha, ra tswela pele, bohle ba re felehetsa, ka basadi le ka bana, ho fihlela kantle ho motse. Ra kgumama lebopong la lewatle, ra rapela;


ke tshepile ho le bona ha ke etela Sepania, le tle le nthuse ho ya teng, ha ke se ke ithabisitse ka ho ba le lona nako e itseng.


Ke ne ke tla feta le ho lona ha ke leba Masedonia, ke boele ke kgutlele ho lona ha ke etswa teng, e le hore le tle le nthuse ho kena leetong la ho ya Judea.


Leha ho le jwalo, le entse hantle ha le nthusitse tsietsing ya ka.


Ka tsela ena le tla phela ka mokgwa o tshwanelehang mahlong a Modimo, le mo kgahlise dinthong tsohle. Le tla atleha mesebetsing yohle e lokileng, mme le hole tsebong ya Modimo.


Ra le kgothatsa, ra le tshedisa, ra ipiletsa ho lona hore le phele ka mokgwa o tshwanelehang mahlong a Modimo, ya le bitsetsang mmusong wa hae le tlotleng ya hae.


Hape o potlakele ho thusa Senase le Apolose leetong la bona, ba se ke ba haellwa ke letho.


Le ka ithorisa jwang ha le mamella dikotlo hobane le entse dibe? Empa ha le mamella mahloko, leha le ntse le etsa tse ntle, hona ho hotle mahlong a Modimo.


Bohle ba paka Demetriose; le nnete e a mo paka. Le rona re paka jwalo, mme o a tseba hore bopaki ba rona ke ba nnete.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ