Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Timothea 4:7 - BIBELE

7 Ke lwanetse tsa Modimo senna, ke qetile thota ya peiso, ke bolokile tumelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ke lwanne ntwa e molemo, ke mathile ka qeta sebaka, ke bolokile tumelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

7 Ke loanne ntoa e ntle, ke qetile leeto la ka, ke bolokile tumelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Ke loanne ntoa e ntle, ke qetile leeto la ka, ke bolokile tumelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Timothea 4:7
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Reka nnete le bohlale le tayo le kutlwisiso, mme o se ke wa ba wa di rekisa.


Empa ba dilemo tse mashome a mahlano ba tla tswa lenaneng la ba sebeletsang, mme ba ke ke ba hlola ba sebeletsa.


Empa Jesu a re: “E, empa haholo ho lehlohonolo ba utlwang lentswe la Modimo, ba le boloke.”


Athe e mobung o motle, ke ba utlwang lentswe, ba le kgomarele ka pelo ya sebele, e molemo, ba behe ditholwana ka mamello.”


“Bao o nneileng bona lefatsheng, ke ba rutile lebitso la hao. E ne e le ba hao, o nneile bona, mme ba bolokile lentswe la hao.


Jesu a re ho bona: “Sejo sa ka ke ho etsa thato ya ya nthomileng, le ho phetha mosebetsi wa hae.


Ha Johanne a qetile tsa thomo ya hae, a re: ‘Le lekanya hore nna ke mang? Ha ke Yena, empa bonang, kamora ka ho tla eo ke sa tshwanelang ho lokolla meqathatso maotong a hae.’


Empa ha ke re letho ka bophelo ba ka, ha feela nka phetha mosebetsi wa ka, le tshebeletso eo ke neng ke e amohele ho Morena Jesu, ya ho paka tsa molaetsa o molemo wa mohau wa Modimo.


Ke ne ke senoletswe hore ke nyolohele teng. Lekunutung, ka hlalosetsa batho ba nang le mabitso molaetsa o molemo, oo ke o phatlalletsang baditjhaba; esebe mohlomong nakong ena kapa e fetileng, ke tsamaetse lelea.


Le lwana ntwa e tshwanang le eo le boneng ke e lwana, eo le utlwang hore le jwale ke sa e lwana.


Timothea, ngwanaka, ke ena taelo eo ke o fang yona, ho ya ka dipolelo tsa boporofeta bo boletsweng ka wena. Ka tsona lwanela Modimo senna,


Lwana ntwa e ntle ya tumelo; ikgapele bophelo bo sa feleng, boo o bo bitseditsweng, jwalokaha o entse boipolelo bo botle pela dipaki tse ngata.


Timothea, ako boloke se beilweng paballong ya hao. O qobe dipuo tse sa hlompheng, tsa lefeela, le dikganyetsano tsa hoo ho thweng ke bohlalefi.


Boloka tse molemo tse beilweng paballong ya hao ke Moya o Halalelang, o phelang ka ho rona.


Ha e le wena, o ntatetse ka hloko thutong, metsamaong, mererong, tumelong, mamellong, leratong, tiisetsong,


Kahobane o ile wa boloka lentswe la ka ka mamello, le nna ke tla o boloka ka nako ya ho lekwa ho tlang ho hlahela lefatshe lohle, ho leka baahi ba lefatshe.


“o re: Ke tseba mesebetsi ya hao. Bona, ke butse monyako kapela hao, oo ho seng ya ka o kwalang. Ke tseba hore o na le matlanyana feela, empa o ile wa boloka lentswe la ka, mme ha o a ka wa latola lebitso la ka.


Yaba e mong le e mong wa bona o newa seaparo se sesweu, mme ba bolellwa hore ba ke ba bee butle ho se hokae, ho fihlela palo ya balekane ba bona ba bohlanka, le ya bana babo bona ba tla bolawa jwaloka bona, e phethahala.


E ne e le hore meloko ya bana ba Iseraele e ithute ntwa, haholoholo meloko e neng e sa ka ya tseba ntwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ