Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Timothea 3:6 - BIBELE

6 Ba bang ba bona ba kgukgunela malapa a batho, ba ikgapela basatsana ba sesang hara dibe, ba kgannwang ke ditakatso tsa mefutafuta,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Hara bao ho na le ba kgukgunelang matlung, mme ba hapa basajana ba imetsweng ke dibe, ba kenweng ke ditakatso tse ngata,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

6 Hobane ho ba jwalo ho teng ba kgebellang matlung, ba isang kgolehong basadi ba mawatla ba imetsweng ke dibe, ba hohilweng ke ditakatso tsa mefutafuta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Hobane ho ba jwalo ho teng ba kgebellang matlung, ba isang kgolehong basadi ba mawatla ba imetsweng ke dibe, ba hohilweng ke ditakatso tsa mefutafuta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Timothea 3:6
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha ho moo ho seng bohloko mmeleng wa ka, ka baka la kgalefo ya hao; ha ho bophelo masapong a ka, ka baka la sebe sa ka.


Jo! tjhaba sa baetsadibe se tletseng bokgopo! Tloholo tsa ba kgopo, bana ba bodileng! Ba furaletse Morena, ba nyedisitse Ya Halalelang wa Iseraele, ba fela ba mo furaletse.


“Tloong ho nna, lona bohle ba kgathetseng, ba imetsweng, mme ke tla le kgatholla.


“Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le kwalla batho Mmuso wa mahodimo, empa lona ka bolona le sa kene, mme ha le dumelle le ba kenang ho kena.


Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le hapa matlo a bahlolohadi, le etsa dithapelo tse telele ka boikaketsi; ka baka lena le tla ahlolwa.


Setumo sa hae sa utlwahala Siria yohle, mme ha tliswa ho yena bohle ba jewang ke mafu a mefutafuta, ba imetsweng ke mahloko, ba nang le bademona, ba shwang sethwathwa, le diritsa, mme a ba fodisa.


empa dikgathatso tsa mehla ya jwale, le thetso ya maruo, le ditakatso tsa dintho tse ding, di ye di tle di bipetse lentswe, le nyope.


Le a tseba hore ha le ne le sa le bahedene le ne le latela medimo ya bohata, e semumu, ho ya kamoo e neng e le hohela kateng.


Empa mohlolohadi ya iphelelang menyakeng, o shwele a ntse a tsamaya.


Ha e le ba ikemiseditseng ho rua, ba wela lerabeng la moleko, le ditakatsong tse ngata tsa bothoto, tse kotsi, tse tetebeletsang batho tshenyehong le timelong.


Eka kgona ba jwalo ba kgutsiswe, hobane ba qhala malapa ka ho ruta tse sa tshwanelang, hore ba ithuise ka mano.


Pele le rona re ne re le dithoto, re hana ho mamela, re kgelohile, re le makgoba a ditakatso le a menyaka ya mefutafuta, re phela ka lonya le ka mona, re hloyehile, re hloyane.


Dipuo tsa bona ke tsa boikgohomoso, tsa mafeela; ka ditakatso tse kgopo tsa nama, ba tshwasa ba sa tswa phonyoha ho ba phelang bokgelohing.


Jwale lona baratuwa, erekaha le lemositswe e sa le pele, itlhokomeleng, le se ke la hohelwa ke batho ba kgopo, ba kgelohileng, la tloha la lahlehelwa ke ho tiya ha lona.


Batho bana ke bakomakomi, bakganani, ba laolwang ke ditakatso tsa bona, bao melomo ya bona e buang tsa boikgohomoso, ba yang ka tshobotsi ho iphumanela tsa bona.


Ba itse ho lona: “Mehleng ya bofelo ho tla tla basomi ba laolwang ke ditakatso tsa bona tse kgopo.”


Ho na le batho ba bang ba keneng hara lona ka sekgukgu, bao kahlolo ya bona e leng kgale e ngotswe. Ke ba kgopo, ba nkang mohau wa Modimo wa rona e le tumello ya ho etsa tse manyala; ke ba latolang Monga rona ya inotshi, le Morena wa rona Jesu Kreste.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ