Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Timothea 3:12 - BIBELE

12 Efela bohle ba ratang ho phela ho Kreste Jesu ka borapedi, ba tla hloriswa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Bohle ba ratang ho phela ka borapedi bo ho Jesu Kreste, ba tla hloriswa jwalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

12 Ee, le bohle ba ratang ho phela ka borapedi ho Kreste Jesu ba tla hloriswa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Ee, le bohle ba ratang ho phela ka borapedi ho Kreste Jesu ba tla hloriswa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Timothea 3:12
32 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: “Haeba mang kapa mang a rata ho ntatela, a itele, a inkele sefapano, a ntatele.


Ka baka leo, ke le romela baporofeta, bahlalefi le Ditsebi tsa Molao. Ba bang ba bona le tla ba bolaya, le ba thakgise, mme ba bang ba bona le tla ba shapela matlung a lona a thapelo, le ba phaladise le metse yohle;


eo mehleng ya jwale a ke keng a fuwa halekgolo matlo, le bana babo, le dikgaitsedi, le bommae, le bana, le masimo, hammoho le ditlhoriso, a nto amohela bophelo bo sa feleng mehleng e tlang.


Ba tla le tebela matlung a thapelo; etswe nako e a tla eo ka yona mang kapa mang ya le bolayang, a tla hopola hore o sebeletsa Modimo.


“Ditaba tsena ke di buile ho lona hore le tle le fumane kgotso ho nna. Le tla ba le matshwenyeho lefatsheng, empa kgothalang, nna ke hlotse lefatshe.”


Ke ba neile lentswe la hao, mme lefatshe le ba hloile, hobane hase ba lefatshe, jwalokaha le nna ke se wa lefatshe.


Ba matlafatsa dipelo tsa barutuwa, ba ba kgothaletsa ho tiisetsa tumelong, ba re: “Eka kgona re kene Mmusong wa Modimo ka ho feta hara matshwenyeho a mangata.”


Haeba Kreste re mo tshepetse bophelo bona feela, re madimabe ho feta batho bohle.


Seo re ithorisang ka sona ke sena: Letswalo la rona le re pakela hore mona lefatsheng re ile ra phedisana le batho, haholo le lona, re se na mano, re ena le nnete ya Modimo; e seng ka bohlale ba botho, empa ka mohau wa Modimo.


re a hloriswa, empa ha re furallwe ke bohle; re ratlanngwa fatshe, empa ha re shwe.


le dikgosi le bohle ba hlomphehang, e le hore re tle re phele bophelo ba boiketlo le ba kgotso ka borapedi le ka boitlhompho.


Ha ho pelaelo, sephiri sa tumelo ya rona se seholo: “Kreste o ile a hlaha e le motho, a pakwa ke Moya hore o lokile, mme a bonwa ke mangeloi. A phatlalatswa hara baditjhaba, a dumelwa ke lefatshe lohle, mme a nkelwa tlotleng.”


Haeba e mong a ruta disele, a sa dumellane le dipolelo tsa nnete tsa Morena wa rona Jesu Kreste, le thuto ya bodumedi,


Nna Paulosi, mohlanka wa Modimo le moapostola wa Jesu Kreste, ke tshwanetse ho thusa bakgethwa ba Modimo ho dumela le ho tseba nnete e isang bodumeding,


O re ruta ho tela bokgopo le ditakatso tsa lefatshe, re tle re phele re le sedi, re lokile, re ena le borapedi mehleng ya jwale,


Bana ba Josefa ba bua ho Joshua, ba re: “Ke ka baka lang ha o re file seabo se le seng le karolo e le nngwe feela e le lefa la rona, empa o bona hore re setjhaba se seholo, mme ho fihlela jwale Morena a nnile a re hlohonolofatsa?”


Empa haeba batho ba le hlokofaletsa ho loka ha lona, le lehlohonolo. Le se ke la ba tshaba, mme le se ke la ferekana,


Ha e le moo dintho tsohle di tla fediswa jwalo, lona eka kgona le halalele haholo metsamaong le borapeding ba lona,


Ka mohatla wa yona e ne e hulanya karolo e le nngwe ho tse tharo ya dinaledi tsa lehodimo, mme ya di lahlela lefatsheng. Kganyapa ya fihla ya ema kapele ho mosadi ya makgatheng a ho beleha, e le hore e tle e kwenye ngwana wa hae hang hoba a belehuwe.


Ka mo araba, ka re: “Monghadi, ho tseba wena.” A re ho nna: “Ke ba tswang matshwenyehong a maholo. Ba hlatswitse diaparo tsa bona, mme ba di sweufatsa ka madi a Konyana.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ