Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Timothea 3:10 - BIBELE

10 Ha e le wena, o ntatetse ka hloko thutong, metsamaong, mererong, tumelong, mamellong, leratong, tiisetsong,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Empa haele wena, o rutehile thuto ya ka ruri, le ho etsa ha ka, le phehello ya ka, le tumelo ya ka, le mamello ya ka, le lerato la ka, le sebete sa ka;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

10 Empa o tsebile thuto ya ka ka botlalo, le mokgwa wa bophelo, le morero wa ka, le tumelo ya ka, le mamello ya ka, le lerato la ka, le mamello ya ka,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Empa o tsebile thuto ya ka ka botlalo, le mokgwa wa bophelo, le morero wa ka, le tumelo ya ka, le mamello ya ka, le lerato la ka, le mamello ya ka,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Timothea 3:10
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Daniele a qetela ka pelong hore a ke ke a itshilafatsa ka dijo tse jewang ke kgosi, leha e le ka veine e nowang ke yona kgosi. Ka baka leo, a kopa mookamedi wa bahlanka ba kgosi hore a mo dumelle ho se itshilafatse ka dijo le ka dino tseo.


le nna, hoba ke fuputse ditaba tseo ka hloko ho tloha tshimolohong, ke fumane ho le molemo ho o ngolla tsona ka tlhatlhamano, Theofile ya kgabane,


Ha a fihla, mme a bona mohau wa Modimo, a thaba, a kgothaletsa bohle hore ba kgomarele Morena ka pelo tse tiileng,


Ba nna ba tiisetsa thutong ya baapostola, le kopanong ya bodumedi, le ho ngwathweng ha bohobe, le dithapelong.


Ha ba fihla ho yena, a re ho bona: “Le a tseba kamoo ke phetseng le lona kateng ka nako yohle, ho tloha ka tsatsi la pele leo ka lona ke qadileng ho bea leoto lefatsheng la Asia,


“Bajuda bohle ba tseba kamoo ke phetseng kateng ho tloha botjheng ba ka. Ba tseba hore ho tloha kgale ke phetse hara setjhaba sa heso le mona Jerusalema.


Bana beso, ke a le rapela hore le fadimehele ba bakang dikarohano, ba le kgelosang thutong eo le ithutileng yona. Le ba sesefe


Ka boikemisetso bona, na ke ne ke tlaila? Kapa na merero ya ka ke ya botho feela, hoo ke tla re “e” le “tjhe” ka nako e le nngwe?


Ka hona ha re sa tla hlola re eba masea a tsokoletswang kwana le kwana, a fefolwang ke moya ofe le ofe wa dithuto tsa batho ba mano, ba kgelosang ka maqiti a bona.


Ke yena feela mona ya nang le maikutlo a kang a ka, ya le thahasellang.


Timothea o pakwa ke mesebetsi ya hae. Le tseba hore o nthusitse ho phatlalatsa molaetsa o molemo, jwalokaha mora a thusa ntatae.


hobane molaetsa o molemo wa rona ha o a ka wa tla ho lona ka dipolelo feela, empa o tlile le ka matla le ka Moya o Halalelang, le ka ho kgodiseha haholo. Ke seo re bileng sona hara lona ho le thusa, jwalokaha le tseba.


Jwalokaha ke se ke ile ka u kgothaletsa ha ke eya Masedonia, o nne o dule Efese, o tle o laele ba bang hore ba se ke ba ruta thuto esele.


Ha o hlalosetsa bana babo rona tsena, o tla ba mosebeletsi wa sebele wa Kreste Jesu, ya otlwang ka dipolelo tsa tumelo le tsa thuto e ntle eo o e latetseng ka hloko.


Wena motho wa Modimo, baleha tsena, o habe ho loka, borapedi, tumelo, lerato, tiisetso, mosa.


Phema ditakatso tsa botjha, o habe ho loka, tumelo, lerato le kgotso, mmoho le bohle ba rapelang Morena ka dipelo tse hlwekileng.


Phatlalatsa lentswe, o pheelle ho le bolela, ebang le a amohelwa kapa ha le amohelwe; nyatsa, kgalemela, kgothatsa, o ntse o ruta ka mamello yohle.


Nako e a tla eo ka yona ba sa tlong ho mamella thuto ya nnete, empa ho ya ka ditakatso tsa bona ba tla ipokellela baruti ba bangata, ba tlang ho ba bolella tse natefelang ditsebe tsa bona.


Ke lwanetse tsa Modimo senna, ke qetile thota ya peiso, ke bolokile tumelo.


Wena ka sebele o ba etsetse mohlala dinthong tsohle ka mesebetsi e metle, ka thuto e hlwekileng le ka boitlhompho.


Se kgelosweng ke dithuto disele, tsa mefutafuta. Ke ntho e ntle ha pelo ya motho e matlafatswa ka mohau wa Modimo, e seng ka melao e amanang le dijo, e se nang molemo ho ba e latelang.


Ha e le moo dintho tsohle di tla fediswa jwalo, lona eka kgona le halalele haholo metsamaong le borapeding ba lona,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ