Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Timothea 2:5 - BIBELE

5 Ya kenelang phehisano ya dipapadi le yena a ke ke a fumana moqhaka wa tlholo, haeba a sa bapale ho ya ka melao ya teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ekare ha motho a lwana peisong, a ke ke a rweswa moqhaka, ha a sa ka a lwana ka molao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

5 Empa leha motho a lwana tlholisanong, ha a rweswe moqhaka, ha a sa lwana ka molao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Empa leha motho a lwana tlholisanong, ha a rweswe moqhaka, ha a sa lwana ka molao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Timothea 2:5
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Etsang ka matla ho kena ka monyako o patisaneng, hobane ke a le bolella hore ba bangata ba tla lakatsa ho kena, empa ba tla sitwa.


Ke nnete, ba bang ba phatlalatsa tsa Kreste ka mona le ka kgang, empa ba bang ba etsa jwalo ka dipelo tse ntle.


Ke sona seo ke se sebeletsang ka thata, seo ke se lwanelang ka thuso ya Kreste, ya sebetsang ka matla a hae ka ho nna.


Ntweng ya lona le sebe ha le eso lwane hoo madi a ka tsholohang,


O mo entse ya katlasana ho mangeloi ka nakwana, o mo rwesitse mofapahlooho wa tlotla le hlompho,


Empa seo re se bonang ke Jesu ya beilweng katlasana ho mangeloi ka nakwana, a rweswa mofapahlooho wa tlotla le hlompho ka baka la mahloko a lefu la hae, e le hore ka mohau wa Modimo a tle a shwele bohle.


Ho lehlohonolo motho ya mamellang teko, hobane ha a se a amohelehile, o tla fumana mofapahlooho wa bophelo, oo Morena a o tshepisitseng ba mo ratang.


Etlare mohla Modisa wa badisa a iponahatsang, le tla amohela mofapahlooho wa tlotla, o sa senyeheng.


O se tshabe letho la tse tlang ho o hlokofatsa. Bona, Diabolosi o tla akgela ba bang ba lona tjhankaneng, e le hore le tle le lekwe, mme le hloriswe ka matsatsi a leshome. O tshepahale ho isa lefung; ke tla o nea mofapahlooho wa bophelo.


“Ke tla tla kapele. Kgomarela ho seo o nang le sona, e le hore ho tle ho se ba ye ka o amohang mofapahlooho wa hao.


baholo ba mashome a mabedi a metso e mene ba itihela fatshe kapele ho ya dutseng teroneng, ba kgumamela ya phelang kamehla le mehla, mme ba akgela mefapahlooho ya bona kapele ho terone, ba ntse ba re:


Terone e ne e potapotilwe ke diterone tse mashome a mabedi a metso e mene, mme diteroneng tseo ho ne ho dutse baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, ba apereng diaparo tse tshweu, ba rwetseng mefapahlooho ya kgauta dihloohong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ