Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Timothea 2:23 - BIBELE

23 Hana dikgang tsa bothoto, tse se nang kelello, etswe o tseba hore di tswala dintwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 O furalle dikgang tsohle tsa bowatla, tseo ho sa ithutweng letho ka tsona, etswe o tseba hoba di tswala dintwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

23 Empa dipotso tsa bowatla le tse sa rutehang o qobe dipotso, o ntse o tseba hore di tswala dikomang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 Empa dipotso tsa bowatla le tse sa rutehang o qobe dipotso, o ntse o tseba hore di tswala dikomang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Timothea 2:23
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba se ke ba natsa ditshomo le ditaba tse sa feleng tsa meloko ya baholoholo. Tse jwalo ke tse bakang dikgang, hase tse phethahatsang morero wa Modimo o tsejwang ka tumelo.


Hana ditshomo tse se nang hlompho, tse loketseng ditsohatsana. Ikwetlisetse borapedi.


O nne o ba hopotse tsena, mme pela Modimo o ipiletse ho bona hore ba se ke ba ngangisana ka mantswe, e leng ho sa thuseng letho, haese ho timetsa ba mametseng.


Sesefa dipolelo tse sa hlompheng, tsa lefeela, hobane di kgelosa batho bodumeding le ho feta.


Ha e le dikgang tsa bothoto, le ditaba tsa meloko ya baholoholo, le diqabang, le ditsekisano ka tsa Molao wa Moshe, o di sesefe. Tse jwalo ha di na thuso, ke tsa lefeela.


Dintwa le diqabang tse hara lona di bakwa keng? Na ha di bakwe ke ditakatso tse mpe tse lwanang ka ho lona?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ