Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Timothea 2:22 - BIBELE

22 Phema ditakatso tsa botjha, o habe ho loka, tumelo, lerato le kgotso, mmoho le bohle ba rapelang Morena ka dipelo tse hlwekileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 O ke o balehele ditakatso tsa botjha, mme o phehelle ho loka, le tumelo, le lerato, le kgotso hammoho le bohle ba rapelang Morena ka pelo e hlwekileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

22 O balehele ditakatso tsa botjha, o mpe o latele ho loka, le tumelo, le lerato, le kgotso, mmoho le ba rapelang Morena ka pelo e hlwekileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 O balehele ditakatso tsa botjha, o mpe o latele ho loka, le tumelo, le lerato, le kgotso, mmoho le ba rapelang Morena ka pelo e hlwekileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Timothea 2:22
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mohlankana a ka hlwekisa metsamao ya hae jwang? Ka ho hahela lentswe la hao lesaka.


Thapelo ya Davida. Morena, ako utlwe thapedi ya ka, o mamele sello sa ka; o sekehele thapelo ya ka tsebe, hobane e tswa molomong o se nang mano.


Mahlabelo a ya kgopo ke manyala ho Morena, empa thapelo ya ya lokileng e a mo kgahla.


Ipholose sa tshepe matsohong a setsomi, ipholose sa nonyana rabeng la motshwasi wa yona.


a feta pela huku ya seterata, a tsamaya ka tsela e yang ha sehlola;


“ ‘Ha monna a kena dikobong tsa mosadi, bobedi ba bona ba tla tola ka metsi, mme ba sale ba ntse ba le sesila ho fihlela ka phirimana.’ ”


Ba tlepetsa Setefane ka majwe, a ntse a rapela, a re: “Morena Jesu, amohela moya wa ka!”


mme le mona o filwe matla ke baprista ba baholo, ho tlama bohle ba o rapelang.”


Mmuso wa Modimo hase taba ya dijo le dino, empa ke taba ya ho loka, ya ho ba le kgotso, le ya ho thabiswa ke Moya o Halalelang.


Jwale a re habeng tsa kgotso le tsa ho matlafatsana.


Bana beso, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste ke ipiletsa ho lona hore bohle le be ntsweleng, dikarohano di be siyo hara lona, le mpe le utlwane, le be le maikutlo a le mang le kgopolo e le nngwe.


re dumedisa kereke ya Modimo e Korinthe, e leng batho ba halaleditsweng ho Kreste Jesu, ba bitseditsweng hore e be bahalaledi, mmoho le bohle ba rapelang Morena wa rona Jesu Kreste kae kapa kae, yena eo e leng Morena wa rona le wa bona, re re:


Ka baka leo, baratuwa ba ka, furallang tshebeletso ya medimo ya bohata.


Folofellang lerato. Labalabelang dineo tsa moya, haholo neo ya ho porofeta.


Furallang bohlola! Dibe tse ding tsohle tseo motho a di etsang ha di ame mmele wa hae, empa ya etsang bohlola o sitelwa mmele wa hae.


Morena wa rona a ntshitsa ka mohau o mongata wa hae, le ka tumelo le lerato leo re nang le lona ho Kreste Jesu.


Sepheo sa taelo ena ke ho ba isa leratong le tswang pelong e hlwekileng, le letswalong le kgutsitseng, le tumelong e se nang boikaketsi.


Ke lakatsa hore dibakeng tsohle banna ba rapele, ba phahamise matsoho a se nang molato, ho se kgalefo kapa ngangisano.


Ho se be ya o nyedisang ka baka la botjha ba hao, o mpe o iketse mohlala ho badumedi ka dipolelo, ka metsamao, ka lerato, ka tumelo le ka bohlweki.


Wena motho wa Modimo, baleha tsena, o habe ho loka, borapedi, tumelo, lerato, tiisetso, mosa.


Pheellang ho phela le bohle ka kgotso le ka kgalalelo, hobane ntle ho yona ha ho ya tla bona Morena.


Baratuwa, le le baeti le bajaki, ke le kgothaletsa hore le lahle ditakatso tsa botho, tse lwantshanang le moya.


A furalle bobe, a etse botle, a batle kgotso, a e pheelle,


Motswalle, o se ke wa latela mehlala e mebe, o mpe o latele e metle. Ya etsang tse ntle ke wa Modimo; ya etsang tse mpe ha a eso ka a tseba Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ