Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Timothea 2:20 - BIBELE

20 Ka tlung e kgolo ha ho fumanwe dipitsa tsa kgauta le tsa silefera feela, empa le tsona tsa lehong le tsa letsopa; tse ding ke tsa mesebetsi e kgethehileng, tse ding ke tsa mesebetsi ya kamehla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Ka tlung e kgolo, ha ho na dipitsa tsa kgauta le tsa silefera feela, empa tsa mahong di teng le tsona tsa letsopa; tse ding ke tse hlomphuwang, tse ding ke tse sa hlomphuweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

20 Empa ka tlung e kgolo, ha ho na dipitsa tsa kgauta le tsa silefera feela, empa le tsa lehong le tsa letsopa; mme tse ding ke tsa hlompho, tse ding ke tse hlomphollang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Empa ka tlung e kgolo, ha ho na dipitsa tsa kgauta le tsa silefera feela, empa le tsa lehong le tsa letsopa; mme tse ding ke tsa hlompho, tse ding ke tse hlomphollang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Timothea 2:20
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bohle ba neng ba ahisane le bona ba ba thusa ka dintho tse entsweng ka silefera, le ka kgauta, le ka diphahlo, le ka dikgomo, le ka dintho tsa bohlokwa, ntle ho dimpho tsa boithaopo.


Thepa ya Tempele ya Modimo, e entsweng ka kgauta, le e entsweng ka silefera, eo Nebukadenesare a neng a e nke ka Tempeleng e Jerusalema, a e isa Babilona, e kgulisetswe Tempeleng e Jerusalema, e bewe ditulong tsa yona, ka Tempeleng ya Modimo.’ ”


O tla e etsetsa dithotobolo tsa yona, le dikgarashwana tsa yona, le dinwelo tsa yona, le difereko tsa yona tse hlabang nama, le dipane tsa yona; thepa yohle ya yona e etswe ka lethose.


Bara ba Sione, mokgetho o kgabane, bara bao bohlokwa ba bona e ne e ka ba kgauta, kajeno ba tshwana le pitsa tsa letsopa, ntho tse entsweng ke matsoho a sebopi!


Ha Beleshasare a ntsa enwa veine, a laela hore dinwelo tsa kgauta le tsa silefera, tseo ntatae Nebukadenesare, a neng a di nke ka Tempeleng e neng e le Jerusalema, di tliswe, e le hore kgosi le mahosana a yona, le basadi ba yona, le basadi ba yona ba mafielo, ba tle ba nwele ho tsona.


Jesu a araba, a re: “Ha ke na modemona, empa ke hlompha Ntate, mme lona le a ntlhompholla.


Motho towe, o mang wena o ka arabisanang le Modimo? Na ntho e bopilweng e ka re ho ya e bopileng: “Keng ha o mpopile tjee?”


Rona re sebetsa mmoho le Modimo; lona le tshimo ya Modimo, le mohaho wa Modimo.


Empa rona re ka dipitsa tsa letsopa tse tshetseng letlotlo lena, hore matla ao a fetisisang e be a Modimo, e seng a rona.


Ho yena le lona le haheletswe hammoho le ba bang, hore le be leaho la Modimo la moya.


Empa haeba nka dieha, o se o ntse o tseba kamoo o tshwanetseng ho itshwara kateng ka tlung ya Modimo, e leng kereke ya Modimo ya phelang, tshiya le motheo wa nnete.


Tloong le le majwe a phelang, a sebediswang ho haha tempele ya moya. Le be baprista ba halalelang, ba nyehellang Modimo ka mahlabelo a moya, a amohelehang ho yena ka Jesu Kreste;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ