Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Timothea 2:10 - BIBELE

10 Kahoo ke mamella tseo tsohle ka baka la bakgethwa, hore le bona ba tle ba fumane pholoho mmoho le tlotla e sa feleng ka Kreste Jesu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ke mamella tsohle ke hona ka baka la bakgethwa, hore le bona ba ke ba rue poloko e ho Jesu Kreste, le kganya e sa feleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

10 Ka baka leo, ke mamella tsohle ka baka la bakgethwa, hore le bona ba tle ba fumane poloko e ho Jesu Kreste, le kganya e sa feleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Ka baka leo, ke mamella tsohle ka baka la bakgethwa, hore le bona ba tle ba fumane poloko e ho Jesu Kreste, le kganya e sa feleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Timothea 2:10
29 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya mphumanang o fumana bophelo, Morena o tla mo rekolohela.


Hojane nako eo ha e tlo kgutsufatswa ho ne ho se motho le ya mong ya neng a tla pholoha, empa nako eo e tla kgutsufatswa ka baka la bakgethwa.


hobane bo-Kreste ba bohata le baporofeta ba bohata ba tla hlaha, mme ba tla etsa dipontsho le dimakatso tse kgolo hore, haeba ho ka etsahala, ba tle ba kgelose le bona bakgethwa.


O tla roma mangeloi a hae ka terompeta e modumo o moholo, mme a tla phutha bakgethwa ba hae ba etswa diqoleng tse nne tsa lefatshe, ba etswa pheletsong e ka nqena ya mahodimo ho isa ho e ka nqane.”


Na Modimo ha a na ho ahlolela bakgethwa ba hae ba mo rapelang motsheare le bosiu? Na o tla ba diehela?


Empa a latola, a re: “Hela mosadi, ha ke mo tsebe!”


e seng setjhaba feela, empa le hore bana ba Modimo ba qhalakaneng a tle a ba bokellele bonngweng.


“Ntate, bao o nneileng bona, ke rata hore moo ke leng teng le bona ba be hona teng, hore ba bone tlotla ya ka, eo o nneileng yona, hobane o nthatile ho eso thewe lefatshe.


Ke a ba rapella; ha ke rapelle lefatshe, empa ke rapella bao o nneileng bona, hobane ke ba hao.


Ba batlang tlotla le hlompho le ho se shwe, ka ho tiisetsa ho etsa tse lokileng, o tla ba nea bophelo bo sa feleng.


Hape o ne a rata ho tsebahatsa boholo ba tlotla ya hae hodima dibopuwa tse hauhetsweng, tseo a di lokiseditseng tlotla e sa le pele;


Erekaha lefatshe, ka bohlale ba lona, le sitilwe ho tseba Modimo ka mesebetsi ya bohlale ba hae, ka hona ba dumelang, Modimo o kgahlilwe ke ho ba pholosa ka bothoto ba molaetsa ona oo re o phatlalatsang.


Ho ba fokolang ke bile jwaloka ya fokolang, hore ke tle ke hape ba fokolang. Ke bile tsohle ho bohle, hore bonyane ke tle ke pholose ba bang.


Ha re tshwenyeha, hona ho le tlisetsa tshediso le pholoho; haeba re a tshediswa, hona ho le tlisetsa tshediso e le thusang ho mamella mahloko ao le rona re a mamellang.


Ke tla thabela ho sebedisa tsa ka le ho sebediswa ka baka la lona. Na ha ke le rata haholo, le tla nthata hanyenyane?


Tsohle di entswe ka baka la lona, hore ha mohau o atela ba bangata, ho be le teboho e fetisisang tlotlisong ya Modimo.


Matshwenyeho a rona a bobebe, ke a motsotswana, a re tlisetsa tlotla e kgolohadi, e sa feleng.


Ka hona ke le kopa hore le se ke la tepella, hobane ke matshwenyehong ka baka la lona, mme le ka ithorisa ka wona.


Ke thabela ho hlokofatswa ka baka la lona jwale, hobane bothong ba ka ke qetela mahloko a saletseng ho ao Kreste a bileng le wona ka baka la mmele wa hae, e leng kereke.


Modimo o ratile ho ba tsebisa menono le tlotla ya sephiri seo hara baditjhaba. Sephiri ke sena: Kreste o ka ho lona, eo ka yena le nang le tshepo ya tlotla.


Modimo ha a a re bopela ho re halefela, empa o re bopetse ho rua pholoho ka Morena Jesu Kreste,


Modimo o le bitseditse hona ka molaetsa wa rona o molemo, hore le tle le fumane tlotla ya Morena wa rona Jesu Kreste.


Nna Paulosi, maopostola wa Kreste Jesu ka thato ya Modimo, ho ya ka tshepiso ya bophelo bo ho Kreste Jesu,


Jwale wena ngwanaka, o matlafale ka mohau wa Kreste Jesu.


O mamelle mahloko le nna jwaloka mohlabani wa sebele wa Kreste Jesu.


Nna Paulosi, mohlanka wa Modimo le moapostola wa Jesu Kreste, ke tshwanetse ho thusa bakgethwa ba Modimo ho dumela le ho tseba nnete e isang bodumeding,


Pele le ne le se setjhaba, empa jwale le setjhaba sa Modimo; le ne le sa hauhelwa, empa jwale le hauhetswe.


Modimo wa mehauhelo yohle, ya le bitseditseng tlotleng ya hae e sa feleng, ka Kreste, etlare hoba le hlokofatswe ka nakwana, yena ka sebele o tla le etsa ba phethehileng. O tla le tiisa, a le matlafatse, a etse hore le se ke la sisinyeha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ