Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Timothea 1:18 - BIBELE

18 Morena a ke a mo fumantshe lereko ho Morena mohla Letsatsi lela. O tseba ho feta bohle kamoo a nthusitseng kateng ka tse ngata ha ke ne ke le Efese.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Morena a mo fumanise mohau pela Morena, ka tsatsi lela. Tsohle tseo a ntshebeleditseng Efese ka tsona, di tsejwa ka ho fetisisa ke wena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

18 Morena a ke a mo fe hore a fumane mohau wa Morena ka letsatsi leo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Morena a ke a mo fe hore a fumane mohau wa Morena ka letsatsi leo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Timothea 1:18
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Elia a ipiletsa ho Morena, a re: “Morena Modimo wa ka, na u fela o otlile le mohlolohadi eo ya nthotseng, ka ho bolaya moshanyana wa hae?”


a etsetse bo-ntata rona mohau, a hopole selekane sa hae se halalelang,


Ka mohau o moholo wa Modimo wa rona, mafube a tswang hodimo a tla re etela,


le Johanna, mosadi wa Kusase, qhooku ya Heroda, le Susanna, le ba bang ba bangata, ba neng ba thusa Jesu le barutuwa ka tseo ba nang le tsona.


Jwale ba theohela Efese, moo a ileng a ba siya teng. Empa yena a kena ka tlung ya thapelo, mme a buisana le Bajuda.


a mpa a ba dumedisa, a re: “Ke tla boela ho lona ha Modimo a rata.” A tloha Efese ka sekepe.


Ha Apolosi a ntse a le Korinthe, Paulosi yena a tsamaya hodima dihlaba, a ya fihla Efese, mme a fumana barutuwa ba bang hona teng.


Yena o tla nne a le tiise ho isa qetellong, le tle le se ke la nyatswa Letsatsing la ho tla ha Morena wa rona Jesu Kreste.


Ke tla ba mona Efese ho fihlela ka Pentekonta,


mosebetsi wa e mong le e mong wa bona o tla pepeseha. Letsatsi la Kreste le tla o hlahatsa. Le tla tla ka mollo, mme mollo oo o tla hlahloba boleng ba mosebetsi wa e mong le e mong.


Tabeng ya dithuso tse etsetswang badumedi, ha ho hlokahale hore ke le ngolle letho.


Empa, erekaha Modimo a le mohau haholo, ka baka la lerato leo a re ratang ka lona,


Ana ha re ema kapele ho Morena wa rona Jesu, mohla a tlang, tshepo ya rona, thabo ya rona, moqhaka oo re leng motlotlo ka wona, e tla ba ofe, haese lona?


Jwalokaha ke se ke ile ka u kgothaletsa ha ke eya Masedonia, o nne o dule Efese, o tle o laele ba bang hore ba se ke ba ruta thuto esele.


Ke ka lebaka lena ke utlwang bohloko bona, empa ha ke dihlong. Ke tseba eo ke mo tshepileng, mme ke kgodisehile hore o na le matla a ho boloka se beilweng paballong ya ka, ho fihlela Letsatsi lela le fihla.


Morena a ke a sitse ba lelapa la Onesiforose ka mohau wa hae, hobane ka makgetlo o ile a nkgatholla, mme ha a a ka a hlajwa ke dihlong ka baka la ho ba ditlamong ha ka.


Empa hang hoba a fihle Roma, a mpatla ka mafolofolo ho fihlela a mphumana.


Jwale ke se ke beetswe mofapahlooho wa ho loka, oo Morena, moahlodi ya lokileng, a tlang ho mputsa ka wona ka Letsatsi lela; e seng nna feela, empa le bohle ba lebeletseng boiponahatso ba hae.


Modimo ha a hloke toka hoo a ka lebalang mosebetsi wa lona, le lerato leo le le bontshitseng ho yena ka ho sebeletsa badumedi, bao le sa ntseng le ba sebeletsa le jwale.


Baporofeta, ba ileng ba porofeta tsa mohau oo le tla o newa, ba ile ba batla tsa pholoho eo, ba di fatisisa.


“Ngolla moruti wa kereke e Efese, o re: “Tsena di bolelwa ke ya tshwereng dinaledi tse supileng ka letsohong la hae le letona, ya tsamayang hara didulwana tsa mabone tsa kgauta tse supileng,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ