Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Timothea 1:14 - BIBELE

14 Boloka tse molemo tse beilweng paballong ya hao ke Moya o Halalelang, o phelang ka ho rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 O boloke ka Moya o Halalelang, o ikahetseng ho rona, letlotlo le molemo le beilweng ho wena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Se molemo se o se neetsweng o se boloke ka Mowa o o Boitshepo o o agileng mo go rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Se molemo se o se neetsweng o se boloke ka Mowa o o Boitshepo o o agileng mo go rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Timothea 1:14
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha e le moo le sa ka la tshepahala leruong le sa lokang, ke mang ya tla le tshepela la sebele?


e leng Moya wa nnete, oo lefatshe le ke keng la o amohela, hobane ha le o bone leha e le ho o tseba; lona le a o tseba hobane o dula le lona, mme o ka ho lona.


E mengata. Haholoholo ke hobane Bajuda ba tshepetswe ho boloka dipolelo tsa Modimo.


Haeba Moya wa ya tsositseng Jesu bafung o phela ka ho lona, ya tsositseng Kreste bafung o tla phedisa le mmele ya lona e shwang, ka Moya wa hae o phelang ka ho lona.


Ha le phela ka ho ya ka botho, le tla shwa, empa haeba le bolaya diketso tsa botho ka Moya, le tla phela.


Lona ha le laolwe ke botho, le laolwa ke Moya, haeba Moya wa Modimo o fela o phela ka ho lona; athe ha motho a se na Moya wa Kreste, hase wa Kreste.


Na ha le tsebe hore le tempele ya Modimo, le hore Moya wa Modimo o ahile ka ho lona?


Kapa na ha le tsebe hore mmele ya lona ke tempele ya Moya o Halalelang o ka ho lona, oo le o filweng ke Modimo? Le hore le ba e mong?


Hoja ke etsa mosebetsi ona ka boithaopo, ke ne ke tla lebella moputso, empa kaha e se ka boithaopo, ke phetha feela mosebetsi oo ke o abetsweng.


Ha ho le jwalo, ha re sa tseba mang kapa mang ka mokgwa wa botho. Le haeba re ile ra tseba Kreste ka mokgwa wa botho, kajeno ha re sa mo tseba jwalo.


Empa ba bone hore ke tshepetswe ho isa molaetsa o molemo ho baditjhaba, jwalokaha le Petrose a ne a tshepetswe ho o isa ho Bajuda,


Ho yena le lona le haheletswe hammoho le ba bang, hore le be leaho la Modimo la moya.


Se tahweng ke jwala bo le isang boitahlong, le mpe le tlale Moya o Halalelang.


Hape le dumediswa ke Jesu ya bitswang Jusetose. Bao ke bona feela ho Bajuda ba sebeleditseng Mmuso wa Modimo hammoho le nna, ba ntshedisitseng haholo.


Thuto ena ke e dumellanang le molaetsa o molemo oo ke o tshepetsweng, o tswang ho Modimo ya tlotlehang, ya lehlohonolo.


Timothea, ako boloke se beilweng paballong ya hao. O qobe dipuo tse sa hlompheng, tsa lefeela, le dikganyetsano tsa hoo ho thweng ke bohlalefi.


Ke ka lebaka lena ke utlwang bohloko bona, empa ha ke dihlong. Ke tseba eo ke mo tshepileng, mme ke kgodisehile hore o na le matla a ho boloka se beilweng paballong ya ka, ho fihlela Letsatsi lela le fihla.


Tseo o di utlwileng ho nna pela dipaki tse ngata, o di bee matsohong a batho ba tshepahalang, ba ka tsebang ho di ruta ba bang.


Kaha le hlwekisitse meya ya lona ka ho mamela nnete, mme le rata bana babo lona ka lerato le se nang boikaketsi, ratanang ka dipelo tsohle, ka lerato le mofuthu.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ