Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Samuele 6:19 - BIBELE

19 Jwale a abela e mong le e mong wa setjhaba sohle, le letshwele lohle la Baiseraele, banna le basadi, leqebekwane la bohobe, le leqa la nama e besitsweng, le leqebekwane la mangangajane a morara. Yaba setjhaba sohle se a qhalana, e mong le e mong o ya ha hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 A ba a abela setjhaba sohle, e leng bongata bohle ba Iseraele, banna le basadi, e mong le e mong, polokwe ya bohobe, le sesuma sa nama e besitsweng, le senkgwa sa morara. Setjhaba sa ntoo ikela e mong hae ha hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Samuele 6:19
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hoba Davida a qete ho etsa dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa teboho, yaba o hlohonolofatsa setjhaba ka lebitso la Morena wa mabotho.


Ha Davida a kgutlela lapeng ho ya hlohonolofatsa lelapa la hae, Mikale, moradi wa Saule, a tswa ho kgahlanyetsa Davida, mme a re: “Kajeno kgosi ya Iseraele ya tla ya itlhompha bo! E ile ya ipeketla kapele ho makgabunyane a bahlanka ba yona, jwaloka e mong wa bafo ha a ipeketla a se na dihlong!”


Ka letsatsi la borobedi Solomone a qhala setjhaba; yaba setjhaba se hlohonolofatsa kgosi Solomone, se ikela malapeng a sona se thabile, dipelo di nyakaletse ka baka la molemo wohle oo Morena a o etseditseng Davida, mohlanka wa hae, le setjhaba sa hae sa Iseraele.


Yaba o abela monna e mong le e mong, le mosadi e mong le e mong wa Moiseraele senkgwa sa bohobe, le leqahadi la nama, le diphaphatha tsa mangangajane a morara.


Setjhaba sohle sa qhalana, motho ka mong a ikela lapeng ha hae. Davida le yena a tsamaya ho ya hlohonolofatsa ba lelapa la hae.


Hesekiya, kgosi ya Juda, a nea setjhaba dipohwana tse sekete, le dikgutshwane tse dikete tse supileng. Mahosana le wona a nea setjhaba dipohwana tse sekete, le dikgutshwane tse dikete tse leshome. Baprista ba bangata ba itlhwekisa.


Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e meraro la kgwedi ya bosupa, Solomone a qhala setjhaba hore se ye malapeng a sona. Setjhaba se ne se thabile, se nyakaletse, ka baka la molemo wohle oo Morena a o etseditseng Davida, le Solomone, le setjhaba sa hae sa Iseraele.


Nehemia a re ho sona: “Itsamaeleng, le yo ja dijo tse monate, le nwe tse maphodi, mme le abele ba hlokang, hobane letsatsi lena ke le halalelang ho Morena wa rona. Le se ke la swaba, hobane thabo ya Morena ke yona e tla le matlafatsa.”


Mmatlafatseng ka mangangajane a morara, le nkgathlolose ka ho mpha diapole, hoba rato ke lena le mphokodisitse.


Kgosana yona e tla etsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya dino, mohla mokete, le ha kgwedi e thwasitse, le ka matsatsi a Disabatha, le meketeng yohle e halalelang ya ba ntlo ya Iseraele. Kgosana e tla lokisa nyehelo ya sebe, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho ho etsetsa ba ntlo ya Iseraele tefelo ya sebe.’ ”


Morena a re ho nna: “Eya, o boelane le mosadi wa hao, le hoja a se a ratana le monna e mong, e se e le sefebe. O mo rate jwalokaha Morena a rata bana ba Iseraele, le hoja ba sebeletsa medimo esele, mme ba e nyehella ka diphaphatha tsa mangangajane a morara.”


Ke le bontshitse dinthong tsohle hore, ka ho sebetsa jwalo ka thata eka kgona le thuse mafutsana le ho hopola mantswe a Morena Jesu, kamoo yena a neng a re: ‘Ho fana ke lehlohonolo le fetang ho fuwa!’ ”


Ke ka baka leo ho thweng: “O ile a nyolohela hodimo, a thopile batshwaruwa; a nea batho dineo.”


Yaba Joshua o a ba hlohonolofatsa, o a ba qhala, mme ba ikela ditenteng tsa bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ