Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Samuele 24:24 - BIBELE

24 Empa kgosi ya re ho Arauna: “Tjhe, ke tla reka dintho tsena ho wena ka theko ya tsona. Nke ke ka etsetsa Morena Modimo wa ka, nyehelo ya setjheso ka dintho tseo ke sa di rekang.” Davida a reka seotlo seo le dipholo tseo ka ditjhelete tsa silefera tse etsang boima ba dikeramo tse makgolo a tsheletseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Morena a re ho Arauna: Tjhe, ke tla mpe ke reke ho wena ka theko; nke ke ka hlahisetsa Jehova, Modimo wa ka, ditjheso tseo ke sa di ntshetsang letho. Ha ho le jwalo, Davida a reka seotlo le dipholo ka dishekele tsa silefera tse mashome a mahlano.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Samuele 24:24
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Tjhe, monghadi, ako mmamele. Ke o nea tshimo eo, ke o nea le lehaha le ho yona; ke a nea lona mo setjhaba sa heso se leng teng. Epela bafu ba hao.”


mme a bua ho Eferone, moo beng ba naha ba ntseng ba utlwa, a re: “Haeba o rata ha ke e reka, ako mmamele hle. Ke tla reka tshimo eo ka tjhelete; e amohele, mme ke tla epela bafu ba ka ho yona.”


Aborahama a dumellana le Eferone, mme a mo lekanyetsa silefera eo a ileng a e bolela moo Bahete ba ntseng ba utlwa, e leng silefera e etsang boima ba dikilo tse nne le halofo, ho ya ka boima bo neng bo sebediswa ke bahwebi.


Satane a tsohela Baiseraele matla, mme a hlohleletsa Davida hore a bale Baiseraele.


Jwale Davida a re: “Ena ke yona ntlo ya Morena Modimo, mme ena ke aletare ya nyehelo ya setjheso, moo Baiseraele ba tla sebeletsa Morena teng.”


Se buseletseng bobe ka bobe; pheellang ho etsa tse ntle mahlong a batho bohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ