a re: “Modimo wa ka a nthuse ke se ke ka etsa ntho ena. Na nka nwa madi a banna bao ba ileng ba ipea kotsing?” Ba ne ba ile ba ipea kotsing ka ho ya kga metsi, ka baka leo, a se ke a a nwa. Tsena di ile tsa etswa ke bahale bana ba bararo.
Abiesere wa Moanatote, wa morabe wa Benjamine, e ne e le molaodi wa lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya borobong. Lebotho la hae le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.