Jwale monna wa Mokushe a fihla a re: “Ke o tsebisa ditaba tse monate, monga ka, kgosi ya ka! Ka letsatsi lena Morena o o pheteditse ho bohle ba ileng ba o tsohela matla!”
Yaba ba isa hlooho ya Ishe-Boshete ho Davida a le Heborone, mme ba re ho kgosi: “Bona hlooho ya Ishe-Boshete, mora wa sera sa hao Saule, ya neng a rata ho o bolaya. Kajeno Morena o pheteditse monga ka kgosi ho Saule le ho bana ba hae.”
Ke setshabelo sa ka le qhobosheane ya ka, seqhobo sa ka le monamoledi wa ka; ke thebe ya ka, eo ke itshireletsang ka yona, ke yena ya beang ditjhaba katlasa puso ya ka.
Ha Davida a utlwa hore Nabale o shwele, a re: “A ho bokwe Morena, ya pheteditseng tlhapa eo Nabale a ntlhapaotseng ka yona, ya ileng a thibela mohlanka wa hae hore a se ke a etsa bobe, ya entseng le hore Nabale a jewe ke bokgopo ba hae.” Yaba Davida o bua le Abikaele ka tsa ho mo nyala.