Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Samuele 22:28 - BIBELE

28 Ke wena ya pholosang setjhaba se hlophehileng, empa o kokobetsa baikgohomosi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Setjhaba se ikokobetsang o a se pholosa; empa mahlo a hao a tjametse baikgohomosi hore o ba kokobetse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Samuele 22:28
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

e leng batho ba reng: “Re tla hlola ka maleme a rona; re tseba ho ipuella, ke mang ya ka re busang?”


Pesalema ya Davida. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Morena, pelo ya ka ha e ikakase, mahlo a ka ha a ikgohomose; ha ke tsotelle dintho tse mphetang, leha e le tse makatsang, tse mphahametseng.


Leha Morena a phahame hakaalo, o bona ba eisehang; ba ikgantshang o ba tseba ba sa le hole.


Moetseletsi a se hlole a eba teng, e eba teng lefatsheng lena, motho ya sehloho a futuhelwe ke bokgopo, bo mo timetsang.


Moshe le Arone ba ya ho Faro, ba re ho yena: “Morena Modimo wa Baheberu, o bua tjena, o re: ‘O tla hana ho ikokobetsa kapele ho nna ho fihlela neng? Lokolla setjhaba sa ka, se yo ntshebeletsa.


Jwale ke a tseba hore Morena o moholo ho feta medimo yohle, hobane ruri o lopolotse setjhaba sa hae ho ba neng ba ikgantshetsa sona.”


Fahleho se hwapileng le pelo e ikgohomosang, e leng lebone la ba kgopo, ke sebe!


Boikgantsho ba motho bo tla kokobetswa, boikgohomoso ba hae bo fediswe, mohlang oo ke Morena feela ya tla phahamela tsohle;


O omantse mang, wa mo ja tlepane? Ke mang eo o ntseng o mo kgaruma? Ke mang eo o mo tlodisang mahlo hodimo? Ke Ya Halalelang wa Iseraele!


Bohle ba tla nyenyefatswa, ba kokobetswe, baikakasi le bona ba kokobetswe.


matshwenyeho wohle a bona le yena a mo tshwenya. Hase lengeloi le ba pholositseng, ba pholositswe ke Morena ka seqo, ka lerato le ka mohau wa hae a ba lopolla; ho tloha kgale a ba nka, a ba a ba jara.


“Jwale nna Nebukadenesare, ke rorisa Kgosi ya Lehodimo, ke a e phafa, ke a e tlotlisa, hobane mesebetsi yohle ya yona e nepahetse, le ditsela tsa yona di lokile, mme ba ikgohomosang e a ba kokobetsa.”


“Ho lehlohonolo ba futsanehileng moyeng, hobane Mmuso wa mahodimo ke wa bona.


hobane e mong le e mong ya iphahamisang o tla kokobetswa, athe ya ikokobetsang o tla phahamiswa.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ