Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Samuele 21:22 - BIBELE

22 Ba bane bana ba ne ba tswetswe ke seqhobane sa Gate, mme ba bolawa ke Davida le ke bahlanka ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Bao ba bane e be e le ba mofuta wa Barefaime ba Gathe; ba eshwa ka matsoho a Davida le ka matsoho a bahlanka ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Samuele 21:22
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ishibi, eo e neng e le e mong wa diqhobane, o ne a le Nobe. Lerumo la hae, le entsweng ka lethose, le ne le le boima bo ka etsang dikilo tse tharo le halofo, a bile a hlometse le ka sabole e ntjha, mme a nyoretswe ho bolaya Davida.


Monna enwa a nna a phephetsa Baiseraele, mme Jonathane, mora wa Shima, ngwanabo Davida, a mmolaya.


Batho bana ba ne ba tswetswe ke diqhobane tsa Gate; feela ba ile ba bolawa ke Davida le bahlanka ba hae.


Ako re thuse direng tsa rona; hobane thuso ya motho ke lefeela.


Metlotlwaneng ya ba lokileng, ho utlwahala ditlatse tsa tlholo, ho thwe: “Letsoho le letona la Morena le sebeditse tse matla,


ha e le moo wena, Modimo, o re lahlile, o se o sa tswe le mabotho a rona?


Ke bone ho hong hape mona lefatsheng: Ba lebelo hase bona ba siyang kamehla, dinatla hase tsona tse hlolang kamehla, ba bohlale hase bona ba tjhayang kamehla, ba masene hase bona ba ruang kamehla, bahlalefi ha ba dule tulo tse phahameng kamehla; menyetla e tlela bohle ka dinako tsa yona.


Morena o bua tjena: “Mohlalefi a se ithorise ka bohlale ba hae, senatla se se ithorise ka bonatla ba sona, morui a se ithorise ka maruo a hae;


Jwale re tla reng ka ditaba tsee? Ha Modimo a eme le rona, ke mang ya ka re lwantshang?


Empa dinthong tsena tsohle re hlola ka mokgwa o phethehileng ka ya re ratileng.


Ka baka leo he, nnee naha ena e maralla eo Morena a neng a bue ka yona mohla letsatsi leo. Etswe wena o ne o ikutlwele ka lona letsatsi leo, hore Baanake ba phela moo, mme metse ya bona ke ya metonana, ya diqhobosheane. Mohlomong Morena o tla ba le nna ha ke le moo, mme ke ba leleke teng, jwalokaha Morena a buile.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ