2 Samuele 21:17 - BIBELE17 Empa Abishai, mora wa Seruya, a thusetsa Davida, a hlaba Mofilesita eo, a mmolaya. Banna ba Davida ba mo hlapanyetsa, ba re: “Ha o ka ke wa hlola o futuha le rona, esere wa bolawa, mme lebone la Baiseraele la tima.” အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)17 Empa Abishai, mora Tseruja, a tlatsa Davida, a hlaba Mofilesta, a mmolaya. Yaba banna ba Davida ba mo antsha, ba re: Ha o sa tla futuha le rona, esere mohlomong wa tima lebone la Iseraele. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Empa bahlabani ba re: “Wena o se ke wa futuha le rona. Ha re ka baleha, ba ke ke ba re tsotella. Leha ba ka ba bolaya halofo ya bahlabani ba rona, ba ke ke ba re tsotella; feela wena o lekana le bahlabani ba dikete tse leshome ba rona, ka bohlokwa. Ka baka leo, ho molemo hore o tle o re thuse o ntse o le ka motseng.”
Yaba Johanane, mora wa Karea, o bua le Gedaleya ka lekunutu, a le motseng wa Misepa, o re: “Ntumelle ke yo bolaya Ishemaele, mora wa Netaniya, mme ha ho motho le ya mong ya tla tseba taba ena. Ke hobaneng ha a rata ho o bolaya, hore Bajuda bohle ba tlileng ho wena ba tle ba qhalane, le hore masalla wohle a Juda a bolawe?”