2 Samuele 19:43 - BIBELE43 Banna ba Iseraele ba araba banna ba morabe wa Juda, ba re: “Kabelo ya rona ho kgosi e feta ya lona haleshome; le ho Davida re na le tokelo e fetang ya lona. Jwale le re nyedisitse ka baka lefe? Na hase rona ba qadileng ho bua pele ka taba ya hore kgosi e kgutliswe?” Dipolelo tsa banna ba morabe wa Juda di ne di hlaba ho feta tsa banna ba Iseraele. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)43 Banna ba Iseraele ba fetola banna ba Juda, ba re: Re na le dikarolo tse leshome ho morena, hape, Davida ke wa rona haholo ho lona; le re nyediseditseng hakalo, ha le sa ka la qala ka ho buisana le rona tabeng ya ho lata morena? Mme puo tsa banna ba Juda tsa eba thata ho feta tsa banna ba Iseraele. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ha setjhaba sohle sa Iseraele se bona hore kgosi ha e se mamele, sa e araba, sa re: “Re amana ka dife le Davida? Mora wa Jese hase letho ho rona! Ha re ka ke ra fumana letho ho yena! Baiseraele, motho le motho lapeng la hae! Davida, sala le morabe wa heno!” Yaba Baiseraele ba kgutlela malapeng a bona.