2 Samuele 19:42 - BIBELE42 Banna bohle ba morabe wa Juda ba araba banna ba Iseraele, ba re: “Ke kahobane kgosi e tswalana le rona. Jwale taba ee e le halefisa ka baka lefe? Na kgosi e kile ya re fepa? Kapa ebe re filwe dimpho?” အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)42 Banna bohle ba Juda ba fetola banna ba Iseraele, ba re: Ke kahobane morena o haufi haholo le rona ka ho tswalwa; le halefetseng ka taba ena na? Na le ho ja, re jele tsa morena, kapa na o re neile dimpho na? အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Banna ba Iseraele ba araba banna ba morabe wa Juda, ba re: “Kabelo ya rona ho kgosi e feta ya lona haleshome; le ho Davida re na le tokelo e fetang ya lona. Jwale le re nyedisitse ka baka lefe? Na hase rona ba qadileng ho bua pele ka taba ya hore kgosi e kgutliswe?” Dipolelo tsa banna ba morabe wa Juda di ne di hlaba ho feta tsa banna ba Iseraele.