Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Samuele 19:39 - BIBELE

39 Setjhaba sohle sa tshela Jorodane, le kgosi ya tshela. Yaba kgosi e aka Barasilai, ya mo hlohonolofatsa, mme Barasilai a kgutlela ha habo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

39 Jwale, setjhaba sohle sa tshela Jordane, le yena morena a tshela, a ntoo aka Barsillai, a mo hlohonolofatsa, Barsillai a ba a ipoella ha hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Samuele 19:39
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Ho hlohonolofatswe Aborame ke Modimo ya hodimodimo, Mmopi wa lehodimo le wa lefatshe.


Modimo ya matla wohle a ke a o hlohonolofatse, a o fe bana ba bangata, a be a o atise haholoholo, o tle o be raditjhabatjhaba.


Labane a tsoha ka madungwadungwana, a aka ditloholo tsa hae, le baradi ba hae, a ba hlohonolofatsa, yaba o a tsamaya, o kgutlela ha hae.


A aka bana babo kaofela, a lla. Kamora tseo bana babo ba qoqa le yena.


Yaba Jakobo o hlohonolofatsa Faro, mme a tloha ho yena.


Yaba Josefa o tlisa ntatae Jakobo, o mo emisa kapele ho Faro, mme Jakobo a hlohonolofatsa Faro.


Kgosi ya re ho Abosalome: “Tjhe, ngwanaka, a re se ke ra ya bohle, esere ra tshoha re o imela.” Abosalome a pheella kgosi, empa ya se ke ya ya, ya mpa ya mo hlohonolofatsa.


Yaba Joabe o fihla ho kgosi, o e bolella tsena. Kgosi ya bitsa Abosalome, mme ha a fihla ho kgosi a itihela fatshe ka sefahleho, kapele ho kgosi, mme kgosi ya mo aka.


Kgosi ya re: “Ke tla tshelela mose wane le Kimehame, mme ke tla mo etsetsa seo wena o bonang se le molemo. Le wena ke tla o etsetsa tsohle tseo o ka di kopang ho nna.”


Hoba Davida a qete ho etsa dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa teboho, yaba o hlohonolofatsa setjhaba ka lebitso la Morena wa mabotho.


Ha Davida a kgutlela lapeng ho ya hlohonolofatsa lelapa la hae, Mikale, moradi wa Saule, a tswa ho kgahlanyetsa Davida, mme a re: “Kajeno kgosi ya Iseraele ya tla ya itlhompha bo! E ile ya ipeketla kapele ho makgabunyane a bahlanka ba yona, jwaloka e mong wa bafo ha a ipeketla a se na dihlong!”


Elisha a siya dipholo, a matha kamora Elia, a re: “Ako ntumelle, ke a o rapela: Ke mpe ke yo aka ntate le mme, mme ke tla o latela.” Yaba Elia o re ho yena: “Tsamaya! Na nkile ka o thibela?”


Bileame a ema, a tsamaya, a kgutlela ha habo. Balake le yena a ikela ka tsela ya hae.


Simeone a ba hlohonolofatsa, mme a re ho Maria, mmae: “Bona, ngwana enwa o baletswe ho wa le ho tsoha ha ba bangata Iseraeleng le ho ba pontsho e tlang ho hanyetswa,


Ha eba le seboko se seholo ho bohle, ba kopa Paulosi ka molala, mme ba mo aka.


Dumedisang bana babo rona bohle ka kako e halalelang.


Ba boela ba lla. Orepa a aka matsalae, a kgutlela ha habo, empa Ruthe yena a imamarela ka yena.


Davida a hlapanyetsa Saule; Saule a ikela ha hae, empa Davida yena le banna ba hae ba nyolohela qhobosheaneng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ