Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Samuele 19:35 - BIBELE

35 Kajeno ke na le dilemo tse mashome a robedi; na nka hlola ke sa tseba ho kgetholla botle ho bobe? Kapa nka hlola ke sa utlwa monate wa seo ke se jang, kapa seo ke se nwang? Na nka hlola ke sa utlwa melodi ya banna ba binang, le ya basadi ba binang? Ebe jwale nka nna ka imetsa monga ka, kgosi ya ka, ka baka lefe?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

35 Kajeno, ke na le dilemo tse mashome a robileng meno e le mmedi; nka tseba jwang ho kgetha se monate ho se babang na? Ana mohlanka wa hao o sa tseba ho utlwa seo ke se jang, leha e le seo ke se nwang na? Na ke sa tseba ho utlwa mantswe a dibini tsa banna le tsa basadi na? Na mohlanka wa hao a ka nna a iketsa phahlo ho morena, monga ka, na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Samuele 19:35
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kgosi ya re ho Abosalome: “Tjhe, ngwanaka, a re se ke ra ya bohle, esere ra tshoha re o imela.” Abosalome a pheella kgosi, empa ya se ke ya ya, ya mpa ya mo hlohonolofatsa.


Davida a re ho yena: “Ha o ka fetela pele le nna, o tla nkgoka.


Mohlanka wa hao o tla tshela Jorodane le kgosi, a e felehetse ho se hokae. Jwale kgosi e ka nnea moputso oo ka baka lefe?


ho sa balwe bahlanka le makgabunyane a bona a dikete tse supileng le makgolo a mararo le mashome a mararo a metso e supileng. Hara bona ho ne ho ena le dibini tsa banna le tsa basadi tse makgolo a mabedi.


ho sa balwe bahlanka le makgabunyane a bona, a dikete tse supileng, le makgolo a mararo, le mashome a mararo a metso e supileng. Hape ho ne ho ena le dibini tsa banna le tsa basadi tse makgolo a mabedi le mashome a mane a metso e mehlano.


Ha ke re tsebe e mamela ho kgetha mantswe, jwalokaha leleme le kgetha dijo ka ho di latswa?


Ebe phoso e tswile lelemeng la ka? Na nka sitwa ho kgetha tse molemo ho tse kgopo?”


Ditshiu tsa ho phela ha rona ke dilemo tse mashome a supileng; ha re phela hantle, di mashome a robedi. Empa bongata ba tsona ke ba ditsietsi le mahlomola; di feta kapele, ebe re ile.


Haeba lelapa le le lenyenyane haholo, hoo le ke keng la lekana ho ja konyana, le e kopanele le lelapa le bapileng le lona, e arolelanwe ho ya ka palo ya batho ba tla e ja.


Moradi wa Faro a re ho yena: “Tsamaya!” Ngwanana a ya, a bitsa mma ngwana eo.


Ka ipokellela silefera le kgauta, le matlotlo a dikgosi le a dinaha tse pusong ya ka. Ka iphumanela dibini tsa banna le tsa basadi, le dintho tsohle tseo batho ba ka ithabisang ka tsona, le basadi ba bangata.


Athe dijo tse thata ke tsa batho ba baholo, ba seng ba ithutile ho hlalohanya botle le bobe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ