Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Samuele 19:26 - BIBELE

26 Mefiboshete a re: “Oho, monga ka, kgosi ya ka, mohlanka wa ka o ile a nthetsa. Nna, mohlanka wa hao, ke ne ke itse ke tla iqhanehela tonki ya ka, ke e palame, ke tsamaye le kgosi, hobane ke sehlotsa;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 A re: Morena, monga ka, mohlanka wa ka o nthetsitse; athe, ke le mohlanka wa hao, ke na be ke laetse hore ke qhanehelwe esele, ke tle ke e palame, ke ye le morena; o a tseba, mohlanka wa hao o holofetse maoto.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Samuele 19:26
4 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Shimei o ne a ena le banna ba sekete ba morabe wa Benjamine, le Siba, mohlanka wa lelapa la Saule, le bara ba hae ba leshome le metso e mehlano, le bahlanka ba hae ba mashome a mabedi. Batho bana ba potlakela ho ya fihla Jorodane pele ho kgosi.


Jonathane, mora wa Saule, o ne a ena le mora ya neng a holofetse maoto. Ha pehi ya Saule le Jonathane e fihla, e etswa Jesereele, o ne a le dilemo di hlano. Mohodisi wa hae a mo nka, a baleha. Ka baka la ho baleha ka potlako ha mohodisi, moshanyana a wa, yaba o robeha maoto. Lebitso la hae e ne e le Mefiboshete.


Kgosi ya re: “Na ho sa na le e mong wa lelapa la Saule, eo nka mmontshang lerato la Modimo?” Siba a re ho kgosi: “Jonathane o ntse a ena le mora, feela o holofetse maoto.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ