Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Samuele 19:24 - BIBELE

24 Mefiboshete, mora wa Saule, a theoha ho ya kgahlanyetsa kgosi. Ho tloha mohla kgosi e tsamayang, ho fihlela e ba e kgutla ka kgotso, Mefiboshete, mora wa Saule, o ne a eso ka a kutletsa maoto a hae, kapa a beola ditedu tsa hae, kapa a hlatswa diaparo tsa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Mefiboshethe, mora Saule, le yena a tla kgahlanyetsa morena: o ne a sa ka a itlhatswa maoto, leha e le ho lokisa ditedu tsa hae, leha e le ho hlatswa diaparo tsa hae haesale morena a tloha, ho fihlela a ba a kgutla ka kgotso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Samuele 19:24
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a phahama fatshe, a itlhatswa, a itlotsa, a apara diaparo disele, a ya tlung ya Morena, mme a rapela. Jwale a kgutlela tlung ya hae, a kopa dijo, ba mo ngwathela, a ja.


Davida a nyolosa moepa wa Thaba ya Mehlwaare, a ntse a lla. O ne a ikgurumeditse hlooho, a tsamaya a sa rwala letho maotong. Batho bohle ba neng ba ena le yena le bona ba ne ba ikgurumeditse dihlooho, mme ba nyoloha ba ntse ba lla.


Kgosi ya re: “Mora wa monga hao o kae?” Siba a re ho kgosi: “O dula Jerusalema, hobane o re: ‘Kajeno ntlo ya Iseraele e nkgutliseditse mmuso wa ntate.’ ”


Yaba Siba o re ho kgosi: “Nna, mohlanka wa hao, ke tla etsa tsohle tseo monga ka a ntaelang tsona.” Mefiboshete a ja le kgosi, jwalokaha eka ke e mong wa bara ba kgosi.


“O se ke wa lebala Shimei, mora wa Gera wa Mobenjamine, ya tswang Bahurime, ya neng a nkgahlanyetse Jorodane. O ne a nkgahlanyetse ka mahlapa a tshabehang, mohla ke neng ke eya Mahanaime. Ke ne ke mo hlapanyetse ka lebitso la Morena, ka re: ‘Nke ke ka o bolaya.’


Yaba Morena o re ho Moshe: “Eya ho setjhaba, o re se itlhwekise kajeno le hosasane; se hlatswe le diaparo tsa sona.


Batho ba Dibone ba nyolohetse tempeleng ya bona, ba nyolohetse ho ya llela dibakeng tsa bona tsa borapedi; baahi ba Moabe ba llela Nebo le Medeba, ba ikutile lekorana, ba ipeotse le ditedu.


banna ba mashome a robedi, ba beotseng ditedu, ba hahotseng diaparo tsa bona, ba iphatsitseng, ba fihla ba etswa Shekeme, le Shilo, le Samaria, ba tliseditse Tempele ya Morena dinyehelo tsa dijo le mokubetso.


“Ha le itima dijo, le se ke la itlhonamisa jwaloka baikaketsi; ba sosobanya difahleho, hore ba bonahale ho batho hore ba itima dijo. Kannete ke a le bolella, ba se ba amohetse moputso wa bona.


Thabang le ba thabileng, llang le ba llang.


Hopolang ba ditlamong, jwaloka hoja le le ditlamong le bona; esita le ba hlekefetswang, hobane le lona le sa phela lefatsheng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ