Kgosi ya re: “Taba ya ka le lona ke efe, lona bara ba Seruya? Mo tloheleng a nne a hlapaolane, hobane Morena o itse ho yena: ‘Hlapaola Davida!’ Jwale ke mang ya ka reng ho yena: ‘Ke hobaneng ha o etsa tjee?’ ”
Mefiboshete, mora wa Saule, a theoha ho ya kgahlanyetsa kgosi. Ho tloha mohla kgosi e tsamayang, ho fihlela e ba e kgutla ka kgotso, Mefiboshete, mora wa Saule, o ne a eso ka a kutletsa maoto a hae, kapa a beola ditedu tsa hae, kapa a hlatswa diaparo tsa hae.
Yaba Davida o re ho yena: “Na o ka nkisa moo sehlopha seo sa bahlasedi se leng teng?” Mohlankana a re: “Ntlhapanyetse ka lebitso la Modimo, hore ha o na ho mpolaya, kapa wa neelana ka nna matsohong a monga ka, mme ke tla o isa moo sehlopha sena sa bahlasedi se leng hona teng.”