Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Samuele 19:21 - BIBELE

21 Jwale Abishai, mora wa Seruya, a araba, a re: “Eka kgona Shimei a bolaelwe taba ena, hobane o ne a hlapaole motlotsuwa wa Morena!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Empa Abishai, mora Tseruja, a re: Ha ke re, Shimei, o loketse ho shwa, hobane o kile a rohaka motlotsuwa wa Jehova na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Samuele 19:21
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Davida le banna ba hae ba tswela pele leetong la bona. Shimei yena a sika le leralla, a tsamaya a ntse a hlapaolana, a kurutlela Davida ka majwe, a ntse a kgopholaka marole.


Ha kgosi Davida a fihla Bahurime, a bona ho etla monna wa lelapa la ntlo ya Saule, lebitso la hae e le Shimei, mora wa Gera. A tla a ntse a hlapaolana.


Yaba Abishai, mora wa Seruya, o re ho kgosi: “Ke hobaneng ha ntja e shweleng ee, e ntse e hlapaola monga ka, kgosi? Ako ntumelle nke ke ye ho yona, ke yo e kgaola hloohwana ena!”


Oho, Morena Modimo wa mabotho, ako utlwe thapelo ya ka, o ntshekehele tsebe, Modimo wa Jakobo.


“O se ke wa nyefola Modimo, mme o se ke wa rohaka mmusi wa setjhaba sa heno.


Motlotsuwa wa Morena, eo re phelang ka yena, o ila wela mameneng a bona; yena eo re neng re bua ka yena, re re: “Tlasa moriti wa hae re tla phela hara baditjhaba!”


Davida a re ho banna ba hae: “Morena a mpe a ntshware letsoho, ke se ke ka etsa ntho ena ho monga ka, motlotsuwa wa Morena. Ke se ke ka ba ka mo isa letsoho, hobane ke motlotsuwa wa Morena.”


Empa Davida a re ho Abishai: “O se ke wa mmolaya! Ke mang ya ka phahamisetsang motlotsuwa wa Morena letsoho, yaba ha a fumanwe a le molato?”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ