Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Samuele 18:29 - BIBELE

29 Kgosi ya re: “Na mohlankana Abosalome a ntse a phela?” Ahimase a araba, a re: “Ka nako eo Joabe, mohlanka wa kgosi, a neng a roma nna, mohlanka wa hao, ke ile ka bona morusu o moholo, empa ha ke a ka ka tseba hore na ke wa eng.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Morena a re: Na mohlankana Absalome o sa pholohile na? Akimaatse a re: Ke bone moferefere o moholo, ha Joabe a roma mohlanka e mong wa morena, a nthoma le nna ke leng mohlanka wa hao, ke mpa ke sa ka ka tseba hore na ke wang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Samuele 18:29
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Ahimase, mora wa Sadoke, a boela a re ho Joabe: “Leha ho ka etsahala eng kapa eng, ntumelle le nna ke mathe kamora Mokushe yane.” Joabe a re: “Wena o tla be o mathela lelea, ngwanaka, hobane ha ho na ditaba tse monate, tseo o di isang.”


Kgosi ya re ho Ahimase: “Fetela kathoko, o eme mona!” Ahimase a fetela kathoko, a ema themelele!


Kgosi ya re ho monna eo wa Mokushe: “Na mohlankana Abosalome o ntse a phela?” Mokushe a araba, a re: “Dira tsa monga ka, kgosi ya ka, le bohle ba o tsohetseng matla, hore ba o ntshe kotsi, ba ke ba be seo mohlankana eo a leng sona.”


Joabe a re ho Amasa: “O ntse o phela, ngwaneso?” Joabe a mo tshwara ka ditedu, ka letsoho le letona, hore a mo ake.


Ke a o kopa: Matha o mo kgahlanyetse, mme o re ho yena: ‘O phela jwang? Monna wa hao yena o phela jwang? Ngwana yena o phela jwang?’ ” Mosadi a araba, a re: “Hantle!”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ