Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Samuele 18:28 - BIBELE

28 Ahimase a howeletsa, a re ho kgosi: “Kgomo tseo!” A obamela kgosi, a re: “Ho bokwe Morena Modimo wa hao, ya neelaneng ka banna ba ileng ba tsohela monga ka, kgosi ya ka, matla.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Yaba Akimaatse o hoeletsa, a re ho morena: Tsohle di lokile! A inamela fatshe ka sefahleho pela morena, a re: Ho bokwe Jehova, Modimo wa hao, ya neetseng matsohong a hao banna ba kwenehetseng morena, monga rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Samuele 18:28
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho bokwe Modimo ya hodimodimo, ya o thusitseng ho hlola dira tsa hao.” Jwale Aborame a mo nea karolo e le nngwe ho tse leshome tse hapilweng.


o re: “Ho bokwe Morena, Modimo wa monga ka Aborahama, ya sa kang a lebala mohau wa hae le botshepehi ba hae ho monga ka. Ha e le nna, Morena o ntsamaisitse tseleng e nkisang tlung ya bana babo monga ka.”


Ka letsatsi la boraro a bona ho fihla monna ya tswang diahelong tsa Saule tsa ntwa, diaparo tsa hae di haraswane, hloohong a itshetse ka mobu. Yare ha a fihla ho Davida a itihela fatshe ho isa hlompho.


Mosadi enwa wa Tekowa a ya bua le kgosi. Ha a fihla a itihela fatshe ka sefahleho, a isa hlompho, a re: “Oho, kgosi, nthuse!”


Ho ya hlwekileng, o hlwekile, empa ho molotsana o masene.


Ka letsatsi la bone ba kgobokana ka kgohlong ya Beraka, ba rorisa Morena. Ka baka leo, sebaka seo sa rewa lebitso la Kgohlo ya Beraka, mme ho fihlela le kajeno-ya-bokajeno se ntse se bitswa jwalo.


O se ke wa re nea tlotla, Morena, o se ke wa e nea rona, o mpe o e nee lebitso la hao, ka baka la mohau wa hao le botshepehi ba hao.


Ho bokwe Morena ya sa kang a lesa hore ba re je.


Ke tla nyakalla, ke thabele mohau wa hao, hobane o bone ho hlopheha ha ka, wa lemoha matshwenyeho a ka;


Yaba Jethero o re: “Ho bokwe Morena ya le namoletseng matsohong a Baegepeta, le matsohong a Faro; ya namoletseng tjhaba sa hae matsohong a Baegepeta.


Kajeno lena Modimo o tla neelana ka wena matsohong a ka; ke tla o bolaya, ke be ke o kgaole hlooho! Ka ditopo tsa mabotho a Bafilesita ke tla fepa dinonyana tsa lehodimo, le dibatana tsa naha, e le hore lefatshe lohle le tle le tsebe hore Modimo o teng Iseraeleng.


Kajeno lena o mpontshitse kamoo o nketseng hantle kateng, hobane leha Morena a ne a neelane ka nna matsohong a hao, wena ha o a ka wa mpolaya.


Eitse ha Abikaele a bona Davida, a potlaka, a tholoha tonki ya hae, a itihela kapele ho Davida ka sefahleho, a isa hlompho ho yena.


Yaba Abishai o re ho Davida: “Kajeno Modimo o neelane ka sera sa hao matsohong a hao; ka baka lena, ke a o rapela: Ntumelle ke mo hlabelle fatshe ka lerumo hanngwe feela, mme a ke ke a hlola a kunya.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ