Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Samuele 18:24 - BIBELE

24 Davida o ne a dutse pakeng tsa dikgoro tse pedi tsa motse. Sebohodi sa hlwella lerakong, marulelong a hodima kgoro ya motse. Ha se phahamisa mahlo, se tadima, sa bona monna ya tlang a matha a le mong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Haele Davida, o ne a dutse pakeng tsa kgoro tse pedi, molebedi a ntse a tsamaya hodima lerako, hodima monyako. Ha a tadima, a bona ho hlaha monna ya mathang a nnotshi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Samuele 18:24
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka nako ena Abosalome o ne a se a balehile. Ha mohlankana wa sebohodi a phahamisa mahlo, a tadima, a bona batho ba bangata ba theosa letswapo, ba etla ka tsela e kamorao ho yena.


Empa Ahimase a re: “Leha ho ka etsahala eng kapa eng, ke tla matha.” Joabe a re ho yena: “Matha!” Ahimase a takolotsa ka tsela e ka phuleng, a siya Mokushe eo.


Sebohodi seo sa howeletsa, sa tsebisa kgosi. Yaba kgosi e re: “Haeba monna eo a le mong, o tlisa ditaba tse monate.” Monna eo a nna a atamela.


Kgosi ya re ho bona: “Ke tla etsa seo le bonang se le molemo.” Kgosi ya ema pela kgoro ya motse ha bahlabani ba etswa ka makgolo le ka dikete.


Yaba kgosi e a ema, e ya dula kgorong ya motse. Bahlabani bohle ba tsebiswa, ha thwe: “Kgosi ke eo e dutse kgorong ya motse.” Yaba bahlabani bao ba phuthehela kapele ho kgosi. E mong le e mong wa Baiseraele o ne a ile a balehela lapeng la hae.


Ha a fihla, a bona Eli a dutse hodima setulo, kathoko ho tsela, a lebeletse, hobane o ne a tshwenyehile moyeng, ka baka la areka ya Modimo. Monna eo ha a kena motseng a beha ditaba, motse wohle wa lla sa mmokotsane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ