Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Samuele 18:17 - BIBELE

17 Ba nka setopo sa Abosalome, ba se lahlela ka lemeneng le leholo, le neng le le ka morung, ba se qhobella ka majwe, ba etsa qubu e kgolo. Jwale Baiseraele bohle ba phasaphasa, motho ka mong a leba lapeng la hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ba nka Absalome, ba mo lahlela sekoting se seholo morung, mme ba mo qhobela ka qubu e kgolo haholo ya majwe. Haele Baiseraele bohle, ba balehela e mong le e mong hae tenteng ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Samuele 18:17
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Joabe a ya lapeng ho kgosi, a re: “Kajeno o tlontlolotse bahlanka bohle ba hao, ba o pholositseng, ba pholosa le bara ba hao, le baradi ba hao, le basadi ba hao, le basadi ba hao ba mafielo.


Yaba kgosi e a ema, e ya dula kgorong ya motse. Bahlabani bohle ba tsebiswa, ha thwe: “Kgosi ke eo e dutse kgorong ya motse.” Yaba bahlabani bao ba phuthehela kapele ho kgosi. E mong le e mong wa Baiseraele o ne a ile a balehela lapeng la hae.


Setjhaba sohle sa Iseraele, ho ya ka merabe ya sona, se ne se ngangisana ka bosona, se re: “Kgosi e re namoletse matsohong a dira tsa rona; e re pholositse le matsohong a Bafilesita, empa jwale e siile naha, e balehile Abosalome.


Gilegale ho ne ho ena le monna ya kgopo, ya neng a bitswa Sheba. E ne e le mora wa Bikiri wa Mobenjamine. Sheba a letsa lenaka, a re: “Ha re amane ka letho le Davida, mora wa Jese hase letho ho rona. Baiseraele, motho le motho lapeng la hae!”


Jwale mosadi eo, ka bohlale ba hae, a ya bua le setjhaba sohle sa habo. Setjhaba sa kgaola hlooho ya Sheba, mora wa Bikiri, sa e akgella Joabe. Yaba Joabe o letsa lenaka, mme bahlabani ba qhalana, monna ka mong a ikela lapeng la hae. Jwale Joabe a kgutlela Jerusalema, ho kgosi.


Baiseraele ba imela Bajuda, mme Bajuda ba baleha, e mong le e mong a balehela lapeng la hae.


Yaba Jehorame o nka dikariki tsa hae tsohle tsa ntwa, o tshelela Saire, Baedomo ba mo etsetsa sakana-la-nkope. A tsoha hara bosiu, a ena le balaodi ba dikariki tsa ntwa, a phunyeletsa theko ya Baedomo, mme bahlabani ba hae ba balehela ditenteng tsa bona.


Ho hopolwa ha mofu ya lokileng ho lehlohonolo, empa bitso la ya kgopo le ke ke la hopolwa.


Ba re ho baholo ba motse: ‘Mora enwa wa rona o manganga, ha a utlwe ditaelo, ha a re mamele. Ke monyollo le letahwa.’


Banna bohle ba motse ba tla mo tlepetsa ka majwe, a be a shwe. Kahoo o tla tlosa bokgopo ho wena, mme Baiseraele bohle ba tla utlwa, mme ba tshabe.”


Ha letsatsi le dikela, Joshua a laela hore ba theole ditopo tseo difateng. Ba di akgela ka lehaheng leo dikgosi di neng di ipatile ka ho lona. Ba bea majwe a matonana molomong wa lehaha leo, mme majwe ao a ntse a le teng le kajeno-ya-bokajeno.


Ba kgobella majwe hodima hae, mme le kajeno-ya-bokajeno a ntse a le teng. Kgalefo e tlokomang ya Morena ya kokobela. Ke ka baka leo le kajeno-ya-bokajeno sebaka seo se ntseng se bitswa ka lebitso la Kgohlo ya Akore.


A fanyeha kgosi ya Ai sefateng, setopo sa yona sa tlohelwa moo ho fihlela mantsiboya. Ha letsatsi le dikela Joshua a laela hore setopo se fanyollwe sefateng. Ba se lahlela monyakong wa kgoro e kenang ka motseng, ba se kwahela ka qubu ya majwe. Qubu eo e ntse e le teng le kajeno-ya-bokajeno.


Bafilesita ba lwana, Baiseraele ba hlolwa. Mohlabani ka mong a balehela lapeng la hae. Ba ba etsa mofela, ha bolawa Baiseraele ba ditaaso ba dikete tse mashome a mararo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ