Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Samuele 17:29 - BIBELE

29 le mahe a dinotshi, le mafi, le sereledi, le dikgutshwane, le dipholo; tsena ba di nea Davida, le batho bao a neng a ena le bona, hore ba je, hobane ba ne ba re: “Batho bana ba lapile, ba kgathetse, mme ba nyorilwe mona lehwatateng.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 le dinotshi, le sereledi, le dinku, le mafi; ba di tlisetsa Davida le setjhaba seo a nang le sona, e be dijo tsa bona, ba re: Setjhaba se lapile, se kgathetse, se nyorilwe ka baka la nahathothe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Samuele 17:29
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kgosi le batho bohle ba neng ba ena le yona ba fihla ba kgathetse, mme ba phomola hona moo.


Kgosi ya re ho Siba: “O tlilo etsang ka dintho tsee?” Siba a re: “Ditonki tsena di tla palangwa ke ba lelapa la kgosi; bohobe bona, le ditholwana tsena tse jewang hlabula, ke dijo tsa bahlankana, mme veine yona e tla nowa ke ba tla kgathala ha ba le lehwateteng.”


Ke tla mo kgaoletsa a sa kgathetse, a nyahame pelo. Ke tla mo tshosa, mme ere ha bohle ba nang le yena ba phasaphasa, ke mmolaye.


ba lapile, ba nyorilwe, ba le lekgatheng la ho idibana.


Letsatsi le le leng le hlolwang mabaleng a hao, le molemo ho feta a sekete a hlolwang hosele. Ke rata ho ba monyako wa ntlo ya Modimo wa ka, ho ena le ho phela metlotlwaneng ya ba kgopo.


se qeta letsatsi se lakatsa, se sa fumane, empa ya lokileng o fana a sa kganane.


Lona baahi ba naha ya Tema, tlisang metsi ho ba nyorilweng; tlisang dijo ho baphaphathehi.


Ke hore o abelane dijo le ba lapileng, o amohele baleleri lapeng la hao, ba hlobotseng o ba fe diaparo, bang ka wena o ba thuse.


le Johanna, mosadi wa Kusase, qhooku ya Heroda, le Susanna, le ba bang ba bangata, ba neng ba thusa Jesu le barutuwa ka tseo ba nang le tsona.


Kenyang letsoho thusong ya badumedi ba hlokang, thabelang ho amohela baeti.


Direledi tsena tse leshome o di ise ho molaodi wa ba sekete. O botse bana beno hore na ba ntse ba phela jwang, o be o ntlele le se pakang hore ba ntse ba phela hantle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ